Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 21:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Haeba motho a entse sebe se lokeloang ke kahlolo ea lefu ’me le se le mo bolaile,+ le mo fanyehile palong,+ 23 setopo sa hae ha sea lokela ho lula palong bosiu kaofela.+ Ho e-na le hoo, le etse bonnete ba hore le mo pata letsatsing lona leo hobane motho ea fanyehiloeng o rohakiloe ke Molimo+ ’me le se ke la silafatsa naha eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa.+

  • Matheu 27:57-60
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 57 Motšehare oa mantsiboea ha fihla monna e mong ea ruileng oa Arimathea, ea bitsoang Josefa, ea neng a fetohile morutuoa oa Jesu.+ 58 A ea ho Pilato a kopa setopo sa Jesu+ eaba Pilato o laela hore a se fuoe.+ 59 Josefa a nka setopo seo, a se phuthela ka lesela la line e hloekileng ea boleng bo botle+ 60 eaba o se beha ka lebitleng leo+ a neng a sa tsoa le cheka lefikeng. A beha lejoe le leholo monyako oa lebitla, a tsamaea.

  • Mareka 15:43-46
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 43 Ka hona, Josefa oa Arimathea a ba sebete a ea ka pel’a Pilato ’me a kopa setopo sa Jesu.+ E ne e le setho sa Lekhotla se hlomphehang hape a lebeletse ’Muso oa Molimo. 44 Empa Pilato o ne a sa kholoe hore o se a shoele. Kahoo, a bitsa molaoli oa sesole a mo botsa hore na o se a shoele. 45 Kahoo, ha a se a kholisehile hore o shoele, a fa Josefa setopo. 46 Ho feta moo, Josefa a reka lesela la line ea boleng bo botle, a theola setopo sa Jesu palong, a se phuthela ka lesela leo la line eaba o se beha ka lebitleng+ le neng le chekiloe lefikeng. A beha lejoe monyako oa lebitla.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela