Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 34:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Joshua mora oa Nune o ne a le bohlale haholo* hobane Moshe o ne a mo khethile.*+ Baiseraele ba qala ho mo mamela ’me ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+

  • Liketso 8:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ha baapostola ba Jerusalema ba utloa hore Basamaria ba amohetse lentsoe la Molimo,+ ba romela Petrose le Johanne ho bona.

  • Liketso 8:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Petrose le Johanne ba ba beha matsoho+ eaba ke hona ba fumanang moea o halalelang.

  • Liketso 13:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ha ba ntse ba sebeletsa Jehova* ba bile ba itima lijo, moea o halalelang oa re: “Nkhetheleng Barnabase le Saule+ e le hore ba ka etsa mosebetsi oo ke ba bitselitseng oona.”+ 3 Ka mor’a ho itima lijo le ho rapela, ba beha Saule le Barnabase matsoho eaba baa ba tlohela hore ba tsamaee.

  • 1 Timothea 4:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 U se ke oa lebala mpho eo u ileng oa e fuoa ha ho ne ho profetoa ka uena nakong eo sehlopha sa baholo se neng se u beha matsoho.+

  • 1 Timothea 5:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 U se ke oa potlakela ho khetha* monna ofe kapa ofe+ hore a be le boikarabelo bo itseng, hape u se ke oa kenella libeng tsa batho ba bang. Lula u itšoere hantle.

  • 2 Timothea 1:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ka lebaka leo, ke u hopotsa hore u se ke oa tlohela ho sebelisa* mpho ea Molimo eo u ileng oa e fuoa ha ke ne ke u beha matsoho.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela