Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 11:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Empa le se ke la ja liphoofolo tse thuisang kapa tse nang le tlhako e arohaneng e leng kamele hobane ea thuisa empa ha e na tlhako e arohaneng. Ha ea hloeka.+

  • Levitike 11:13-20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Tsena ke libopuoa tse fofang tseo le lokelang ho li nyonya, ha lia lokela ho jeoa kaha lia nyonyeha: ntsu,+ phakoe e jang litlhapi, lenong le letšo,+ 14 ’mankholi o mofubelu le mefuta eohle ea ’mankholi o motšo, 15 mefuta eohle ea lekhoaba, 16 mpshe, sephooko, nonyana ea metsing, mefuta eohle ea phakoe, 17 sephooko se senyenyane, seinoli, sephooko se litsebe li telele, 18 khantši, letata le jang litlhapi, lenong, 19 mokotatsie, mefuta eohle ea kokolofitoe, popopo le ’mankhane. 20 Likokoanyana tsohle tse nang le mapheo tse tsamaeang e le sehlopha ’me li tsamaea ka maoto ’ohle a tsona a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona.

  • Levitike 20:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Le khetholle pakeng tsa phoofolo e hloekileng le e sa hloekang le pakeng tsa nonyana e hloekileng le e sa hloekang.+ Le se ke la itšilafatsa ka phoofolo kapa nonyana kapa ntho leha e le efe e hahabang eo ke itseng ha ea hloeka+ bakeng sa lona.

  • Deuteronoma 14:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Le se ke la ja ntho leha e le efe e nyonyehang.+

  • Deuteronoma 14:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Likokoanyana tsohle tse nang le mapheo le tsona ha lia hloeka bakeng sa lona. Le se ke la li ja.

  • Ezekiele 4:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Eaba ke re: “Kea u kopa hle Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle! Ho tloha ke sa le moshanyana ho fihlela hona joale, ha ke e-s’o ka ke itšilafatsa ka ho ja nama ea phoofolo e shoeleng+ kapa e bolailoeng ke liphoofolo tse hlaha ebile ho hang ha ke e-s’o je nama e sa hloekang.”*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela