Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Luka 4:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Jesu a re ho eena: “Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela ebile ke eena feela eo u lokelang ho mo sebeletsa.’”+

  • Liketso 14:12-15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ba bitsa Barnabase Zeuse, Pauluse ba mo bitsa Hermese kaha ke eena ea neng a li hula pele ka ho bua. 13 Moprista oa Zeuse eo tempele ea hae e neng e le haufi le keiti ea motse, a tlisa lipoho le likorone keiting ’me a batla ho etsa mahlabelo a e-na le batho bao.

      14 Ha moapostola Pauluse le moapostola Barnabase ba utloa taba ena, ba tabola liaparo tsa bona, ba mathela bathong eaba baa hoeletsa ba re: 15 “Ke hobane’ng ha le etsa tjee? Le rona re batho feela ba nang le mefokolo e tšoanang le ea lona.+ Re le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo e le hore le tlohele lintho tsena tse se nang thuso le tle ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo, lefatše, leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.+

  • Tšenolo 19:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ka khumama maotong a lona e le hore ke le rapele empa la re: “Butle, u se ke oa etsa joalo.+ Rapela Molimo.+ Ke mpa feela ke le mohlanka oa Molimo joaloka uena le bana beno ba fuoeng mosebetsi oa ho bolela ’nete ka Jesu.+ Morero oa boprofeta ke ho bolela ’nete ka Jesu.”+

  • Tšenolo 22:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 ’Na Johanne ke utloile lintho tsena ebile ke li bone. Ka mor’a hore ke li utloe le ho li bona, ka khumama maotong a lengeloi le neng le mpontša tsona e le hore ke le rapele. 9 Empa la re ho ’na: “Butle, u se ke oa etsa joalo. Ke mpa feela ke le mohlanka oa Molimo joaloka uena le bana beno ba baprofeta le ba mamelang mantsoe a moqolo ona. Rapela Molimo.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela