-
Deuteronoma 16:9-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Le bale libeke tse supileng. Le qale ho li bala ho tloha ha le qala ho kotula koro.*+ 10 Joale le keteke Mokete oa Libeke oa Jehova Molimo oa lona+ ka ho tlisa linyehelo tsa boithaopo tse tsoang ho lona. Le fane ka tsona ho ea kamoo Jehova Molimo oa lona a le hlohonolofalitseng kateng.+ 11 Le thabe ka pel’a Jehova Molimo oa lona sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a khethang hore lebitso la hae le be ho sona,+ lona le bara ba lona, barali ba lona, makhoba a lona a banna le a basali, Balevi ba ka har’a metse* ea lona, balichaba, likhutsana* le bahlolohali ba leng har’a lona.
-