-
Liketso 10:17-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Ha Petrose a sa ntse a maketse a ipotsa hore na pono eo a e boneng e bolela’ng, banna ba ronngoeng ke Korneliase ba ema keiting ka mor’a ho botsa hore na ha Simone ke hokae.+ 18 Ba bitsa mong’a ntlo ’me ba mo botsa hore na Simone Petrose o chaketse ha hae. 19 Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, moea oa Molimo+ oa re: “Ho na le banna ba bararo ba tlileng ho uena. 20 Theoha u tsamaee le bona. U se ke oa ba lesisitheho ho tsamaea le bona hobane ke ’na ea ba rommeng.”
-