28 Ka mor’a moo, ke tla fa motho e mong le e mong moea o halalelang,+
Bara le barali ba lona ba tla profeta,
Banna-baholo ba lona ba tla lora litoro.
Bahlankana ba lona ba bone lipono.+
29 Ka nako eo, ke tla fana ka moea oa ka
Esita le ho makhoba a ka a banna le a basali.
30 Ke tla etsa hore ho be le mehlolo leholimong le lefatšeng,
Ho tla ba le mali, mollo le mosi.+
31 Pele letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le fihla,+
Letsatsi le tla fifala, khoeli e be khubelu joaloka mali.+
32 E mong le e mong ea tšepetseng lebitsong la Jehova o tla pholoha+
Hobane Thabeng ea Sione le Jerusalema ho na le ba tla pholoha+ feela joalokaha Jehova a boletse,
Ke bao Jehova a tla ba bitsa.”