Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liketso 13:50
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 50 Bajuda ba hlohlelletsa basali ba balumeli ba tummeng hammoho le banna ba hlaheletseng ba motse. Ba tsosetsa Pauluse le Barnabase mahloriso+ eaba ba ba ntšetsa ka ntle ho meeli ea bona.

  • 1 Bakorinthe 15:30, 31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Ke hobane’ng ha le rona re lula re le kotsing?+ 31 Letsatsi le letsatsi ke ba kotsing ea ho shoa. Taba ena ke ’nete bana beso feela joalokaha e le ’nete hore ke ikotla sefuba ka lona barutuoa ba Kreste Jesu Morena oa rona.

  • 2 Bakorinthe 11:23-26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Na ba sebeletsa Kreste? Ke araba joaloka lehlanya, ’na ke mo sebeletsa haholo ho ba feta: Ke entse mesebetsi e mengata,+ ka koalloa hangata,+ ka otloa hangata ’me ka makhetlo a mangata ka batla ke shoa.+ 24 Ka makhetlo a mahlano, Bajuda ba ile ba nchapa lithupa tse 39,+ 25 ka otloa ka melamu ka makhetlo a mararo,+ ka tlepetsoa ka majoe hanngoe,+ ka robeheloa ke sekepe hararo,+ ka qeta bosiu bo le bong le letšehare ke le leoatleng. 26 Ke ne ke le maetong hangata, ke tobana le likotsi linokeng, likotsi tsa masholu, tsa batho ba heso,+ tsa linaha tse ling,+ likotsi tsa motseng,+ likotsi tsa thoteng, likotsi tsa leoatleng, likotsi tsa bana beso ba bohata.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela