-
Liketso 26:9-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Le ’na ke ne ke nahana hore ho nepahetse ho loantša mang kapa mang ea rutang ka lebitso la Jesu oa Monazaretha. 10 Ke eona ntho eo ke neng ke e etsa Jerusalema. Kaha ke ne ke fuoe matla ke baprista ba baholo,+ ke ne ke koalla barutuoa ba Jesu* literonkong.+ Ke ne ke tšehetsa qeto ea hore ba bolaoe. 11 Hangata ke ne ke ea matlong a thapelo,* ke ba hlorisa, ke leka ho ba lahlisa tumelo ea bona. Ke ne ke ba halefetse hoo ke neng ke ba hlorisa le metseng e meng.
-
-
1 Timothea 1:12, 13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Ke leboha Kreste Jesu Morena oa rona ea ileng a mpha matla hobane o ile a bona ke tšepahala eaba o mpha mosebetsi o halalelang+ 13 le hoja qalong ke ne ke nyefola Molimo, ke hlorisa batho ba hae ebile ke ikhohomosa.+ Ke ile ka etsa lintho tseo hobane ke se na tsebo ebile ke se na tumelo empa Kreste o ile a nkhauhela.
-