Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 26:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Molimo o re: “Bafu ba hao ba tla phela.

      Litopo* tsa ka li tla tsoha.+

      Tsohang ’me le hoeletse le thabile,

      Lona ba ahileng leroleng.+

      Phoka ea lona e tšoana le phoka ea hoseng*

      ’Me lefatše le tla etsa hore bafu ba phele.*

  • Matheu 22:31, 32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Le balile ka tsoho ea bafu. Na ha lea ka la bala moo Molimo a neng a re ho lona: 32 ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo’?+ Eena ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu.”+

  • Luka 14:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Empa ha u etsa mokete, u meme bafutsana, ba holofetseng le ba sa boneng.+ 14 U tla thaba hobane ba tla be ba se na letho leo ba ka u patalang ka lona. Molimo o tla u buseletsa mohla a tsosang+ batho ba lokileng.”

  • Johanne 5:28, 29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Le se ke la makala hobane ho na le nako eo bohle ba mabitleng* ba tla utloa lentsoe la hae+ 29 ebe baa tsoa. Ba entseng lintho tse lokileng ba tla tsohela bophelo, ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse fosahetseng ba tsohele kahlolo.*+

  • Johanne 11:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Jesu a re ho eena: “Ke ’na tsoho le bophelo.+ Ea bontšang hore o lumela ho ’na, leha a ka shoa o tla boela a phele.

  • Baheberu 11:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Basali ba ile ba amohela ba malapa a bona ba neng ba tsositsoe bafung.+ Banna ba bang ba tšepahalang bona ba ile ba hlokofatsoa empa ha baa ka ba khaotsa ho tšepahalla Molimo hobane feela ba shebile ho lokolloa. Ba ile ba mamella e le hore ba tle ba tsosoe bafung ka tsela e molemo ho feta eo ba bang ba tsositsoeng ka eona.

  • Tšenolo 20:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka bona bafu ba baholo le ba banyenyane ba eme ka pel’a terone ’me meqolo ea buloa. Empa ho ile ha buloa moqolo o mong, moqolo oa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela