-
Bagalata 1:13, 14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Le utloile hore na ke ne ke itšoere joang ha ke ntse ke le bolumeling ba Bojuda,+ ke ne ke hlorisa phutheho ea Molimo haholo eseng hanyane ebile ke batla ho e felisa.+ 14 Ke ne ke tseba lintho tse ngata ka bolumeli ba Bojuda ho feta lithaka tsa ka tse ngata sechabeng sa heso hobane ke ne ke chesehela lithuto tsa baholo-holo ba ka.+
-