30 Batho ba motse kaofela ba mo tsohela matla. Ba tla tempeleng ba matha, ba tšoara Pauluse, ba mo hulela ka ntle ho tempele eaba menyako e koaloa hang-hang. 31 Ha ba ntse ba leka ho mo bolaea, molaoli oa sesole a bolelloa hore batho ba Jerusalema kaofela ba entse moferefere.