Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 22:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ha ke sa na matla joaloka leqhetsoana la sejana se pshatlehileng sa letsopa.+

      Leleme la ka le khomaretse mareneneng.+

      U ntheolela leroleng la lefu.+

  • Esaia 53:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 O ile a tlosoa ka lebaka la kahlolo e se nang toka.*

      Ke mang ea tla nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae?*

      O ile a tlosoa naheng ea ba phelang.+

      A shapuoa* ka lebaka la phoso ea sechaba sa ka.+

  • Esaia 53:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka lebaka leo, ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,

      O tla arolelana le ba matla thepa e hapuoeng

      Kaha o fane ka bophelo ba hae*+

      ’Me a balelloa har’a ba tlolang molao.+

      O jere libe tsa batho ba bangata+

      ’Me a kena lipakeng bakeng sa ba tlolang molao.+

  • Daniele 9:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Ka mor’a libeke tse 62, Mesia o tla bolaoa+ ho se na letho leo a setseng ka lona.+

      Moeta-pele o tla tla le masole a hae ’me ba felise motse oo le sebaka se halalelang+ ’me timetso e tla tla ka moroallo. Ho tla ba le ntoa ho fihlela bofelong. Molimo o entse qeto ea hore ho felisoe motse oo.+

  • 1 Petrose 2:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 O ile a jara libe tsa rona+ ha a khokhotheloa palong*+ e le hore a re lokolle sebeng ’me re phelele ho etsa lintho tse ntle. “Le ile la folisoa ka lebaka la maqeba a hae.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela