-
Baroma 15:30-32Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Bana beso, kaha re lumela ho Morena oa rona Jesu Kreste ebile moea o halalelang o entse hore re ratane, ke le kopa hore le nthapelise.+ 31 Le nthapelise hore ke pholosoe+ ho batho ba Judea ba sa lumeleng ho Jesu le hore bana ba bo rona* ba Jerusalema ba amohele limpho tsena tseo ke li isang ho bona.+ 32 Ha Molimo a rata, ke tla fihla ho lona ke thabile haholo ebile re tla khothatsana.
-