Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Timothea 6:3-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Haeba mang kapa mang a ruta thuto esele, a sa lumellane le thuto e nepahetseng*+ e tsoang ho Morena oa rona Jesu Kreste kapa thuto eo a e rutang e sa khothaletse batho ho sebeletsa Molimo ka botšepehi,+ 4 oa ikhohomosa ebile ha a utloisise letho.+ O rata* ho pheha khang le ho tseka mantsoe.+ Lintho tsena li etsa hore batho ba be mona, ba qabane, ba senye ba bang mabitso* le hore ba se ke ba tšepa batho ba bang. 5 Lintho tseo li etsa hore batho bana ba senyehileng likelello+ le ba seng ba sa utloisise ’nete ba lule ba phehile khang ka lintho tse sa reng letho. Ba batla ho sebeletsa Molimo hobane feela ba shebile ho fumana melemo e itseng.+

  • Baheberu 13:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Le se ke la khelosoa ke lithuto tse fapaneng tse sa tloaelehang. Ntho e tla le thusa hore le lule le tiile* ke mosa* oa Molimo eseng lijo* hobane ha li na molemo oa letho ho batho ba amehileng ka tsona.+

  • 2 Petrose 3:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Baratuoa, kaha le tsebile lintho tsena esale pele, le itebele e le hore batho bana ba sa mameleng molao ba se ke ba le khelosa ka mashano a bona eaba le qetella le lahlile tsela e nepahetseng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela