4 Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa khale li ile tsa ngolloa ho re ruta+ e le hore re be le tšepo. Ha e le hantle,+ Mangolo ao aa re tšelisa ebile a re thusa hore re mamelle.+
16 Molimo Ntate oa rona o ile a re rata+ eaba o re fa matšeliso a sa feleng le tšepo+ hobane a le mosa.* E se eka eena le Morena oa rona Jesu Kreste 17 ba ka le tšelisa le ho le matlafatsa e le hore le ka lula le bua le ho etsa lintho tse ntle.