28 Etsoe le Mor’a motho ha aa ka a tlela lefatšeng ho sebeletsoa empa o tletse ho sebeletsa+ le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”+
5 Kaha ho na le Molimo a le mong+ le ’muelli a le mong+ pakeng tsa Molimo le batho.+ ’Muelli eo ke Kreste Jesu+6 ea ileng a fana ka bophelo ba hae e le tefo e neng e hlokahala e le hore batho bohle ba lopolloe sebeng.+ Batho ba tla bua ka taba ena ka nako e loketseng.