Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liketso 24:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 ’Musisi a qhoaea Pauluse ka hlooho hore a bue. Pauluse a re:

      “Ke tseba hantle hore u bile moahloli sechabeng sena ka lilemo tse ngata. Kahoo, ke thabela* ho ipuella ka pel’a hao.+

  • Liketso 24:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Empa kea u bolella hore tsela ena eo ba e bitsang lequloana, ke tsela eo ke sebeletsang Molimo oa baholo-holo ba ka ka eona+ kaha ke lumela lintho tsohle tse hlahang Molaong le libukeng tsa Baprofeta.+

  • Liketso 25:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Pauluse a re: “Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa Sesare moo ke tšoanelang ho ahloleloa teng. Le uena oa bona hore ha kea fosetsa Bajuda. 11 Haeba ke hlile ke le molato ’me ke entse ntho e tšoaneloang ke lefu,+ ha ke hane hore ke bolaoe. Le teng haeba lintho tseo banna bana ba nqosang ka tsona e se ’nete, ha ho na motho ea nang le tokelo ea ho fana ka ’na ho bona hore feela a ba khahlise. Ke ipiletsa ho Sesare.”+ 12 Ka mor’a hore Festase a bue le sehlopha sa baeletsi, a re: “Kaha u ipilelitse ho Sesare, u tla ea ho Sesare.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela