Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Bakorinthe 6:9-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo?+ Le se ke la khelosoa.* Batho ba tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba rapelang litšoantšo,+ ba febang,+ banna ba etsang thobalano le banna ba bang,*+ 10 masholu, batho ba sa khotsofaleng,*+ matahoa,+ ba litlhapa* kapa ba nkang lintho tsa batho ba bang ka mahahapa ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo.+ 11 Ba bang ba lona le ne le le joalo empa le hloekisitsoe,+ le halalelitsoe+ hape le nkoa le lokile+ ka lebaka la lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rona.

  • Baefese 2:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Nakong e fetileng, kaofela re ne re etsa lintho joaloka batho bana hobane re ne re etsa lintho ho ea ka litakatso tsa rona tse fosahetseng+ ebile re etsa lintho tseo re li nahanang.+ Re ne re tšoaneloa ke bohale ba Molimo ho tloha feela ha re tsoaloa+ feela joaloka batho ba bang.

  • Tite 3:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Etsoe le rona re kile ra ba lithoto, re sa mamele, re khelohile, re le makhoba a litakatso le menyaka e sa tšoaneng, re phela ka bokhopo le mona, re sa ratehe re bile re hloeane.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela