-
2 Timothea 2:16-18Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 U hane ho mamela lipuo tse se nang thuso tse hanyetsang Molimo+ hobane lipuo tse joalo li etsa hore boitšoaro bo sa khahliseng Molimo bo eketsehe le ho feta. 17 Lipuo tsa bona li tla ata joaloka seso se kotsi. Hymenea le Filetase ke ba bang ba batho ba buang lipuo tse joalo.+ 18 Banna bana ba lahlile lithuto tsa ’nete hobane ba re tsoho ea bafu e se e etsahetse+ ’me ka ho cho joalo, ba etsa hore batho ba bang ba felloe ke tumelo.
-
-
2 Petrose 2:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Ho ile ha hlaha baprofeta ba bohata har’a batho ba Molimo. Ka tsela e tšoanang, ho tla boela ho hlahe batho ba rutang mashano har’a lona.+ Ba tla etsa hore ka lekunutu ho be le maquloana a tla senya tumelo ea lona ebile ba tla latola le mong’a bona ea ba rekileng.+ Ba tla felisoa kapele ka lebaka la ho etsa lintho tseo.
-
-
1 Johanne 2:18, 19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Bana ba ka, re se re le horeng ea ho qetela. Le utloile hore mohanyetsi oa Kreste oa tla,+ le hona joale ho se ho e-na le bahanyetsi ba Kreste ba bangata+ e leng ntho e pakang hore re se re le horeng ea ho qetela. 19 Ba ile ba ikarola ho rona hobane e se karolo ea rona.+ Hoja e ne e le karolo ea rona, ba ka be ba lutse le rona. Empa ba ile ba ikarola ho rona e le hore ho bonahale hore ha se bohle bao e leng karolo ea rona.+
-