-
Baheberu 10:28, 29Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
28 Motho ea sa mameleng Molao oa Moshe o ne a bolaoa a sa hauheloe ka mor’a hore batho ba babeli kapa ba bararo ba fane ka bopaki.+ 29 Joale motho ea furallang Mora oa Molimo ka ho tella,* ea khellang fatše mali a bohlokoa a selekane+ ao a ileng a halaletsoa ka ’ona ebile a rohakile moea oa Molimo ea re bontšang mosa,* eena le nahana hore o tla fumana kotlo e boima hakae?+
-