-
Numere 14:22, 23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Leha ho le joalo, ha ho na motho le ea mong ea boneng khanya ea ka le lipontšo tsa ka+ tseo ke li entseng Egepeta le lefeelleng ’me leha ho le joalo a ’na a nteka+ ka makhetlo ana a leshome ’me a sa ka a mamela lentsoe la ka+ 23 ea tla bona naha eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba bona hore ke tla ba fa eona. Ha ho le ea mong ea ntlhomphollang ea tla e bona.+
-
-
Numere 14:28-30Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
28 E-re ho bona, ‘Jehova o re: “Ke hlapanya ka ’na* hore ke tla le etsa ka tsela eo ke le utloileng le bua ka eona.+ 29 Le tla shoella* lefeelleng lena,+ kaofela ha lona, bohle ba ileng ba nkorotlela ho tloha ka ba lilemo li 20 ho ea holimo ba ileng ba ngolisoa.+ 30 Ha ho le ea mong oa lona ea tla kena naheng eo ke hlapantseng* hore le tla lula ho eona+ haese Kalebe mora oa Jefune le Joshua mora oa Nune.+
-