-
Matheu 5:34-37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
34 Empa ke re ho lona: Le se ke la hlapanya ho hang,+ leha e le ka leholimo hobane ke terone ea Molimo 35 kapa ka lefatše hobane ke setuloana sa maoto a hae+ kapa ka Jerusalema hobane ke motse oa Morena e moholo.*+ 36 Le se ke la hlapanya ka lihlooho tsa lona hobane le ke ke la fetola qoba leha e le ’ngoe ea moriri hore e be putsoa kapa e be ntšo. 37 Ha le re le tla etsa ntho, le fele le e etse. Ha le re le ke ke la etsa ntho, le se ke la e etsa*+ hobane ho fetang hoo ho tsoa ho Diabolose.*+
-