Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Johanne 1:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 O ile a lumella bohle ba mo amohetseng hore e be bana ba Molimo+ hobane ba ne ba bontša hore ba na le tumelo lebitsong la hae.+ 13 Ha baa ka ba tsoaloa e le batho ba nama le mali kapa ka lebaka la thato ea motho empa ba tsoetsoe ke Molimo.+

  • Baroma 8:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Rea tseba hore Molimo o etsa hore mesebetsi eohle ea hae e hlophisehe molemong oa ba mo ratang, ba khethiloeng ho ea ka thato ea hae.+

  • Baefese 1:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Le ile la lumela ho eena ka mor’a hore le utloe lentsoe la ’nete e leng litaba tse monate tse buang ka hore le tla pholosoa. Ka mor’a hore le lumele, Molimo o ile a sebelisa Kreste ho le tšoaea+ ka moea o halalelang oo a neng a o tšepisitse. 14 Moea oo ke pontšo* ea hore re tla fumana lefa leo re le tšepisitsoeng.+ Molimo o ile a re tšoaea e le hore a ka fana ka tefo e hlokahalang hore batho ba hae+ ba lokolloe+ e leng ntho e tla etsa hore a rorisoe haholo.

  • 2 Bathesalonika 2:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Leha ho le joalo, re tlamehile ho lula re leboha Molimo ka lebaka la lona, bana ba bo rona ba ratoang ke Jehova* hobane ho tloha qalong Molimo o ile a le khethela hore le pholosoe.+ O entse joalo ka hore a le halaletse+ ka moea oa hae hobane le lumela ’nete.

  • 1 Petrose 1:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Le tsoetsoe bocha+ ka lentsoe la Molimo ea phelang, ea lulang a le teng+ eseng ka peo e senyehang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela