42 Hape o ile a re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo hlakileng+ ba hore enoa ke eena ea khethiloeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.+
31 hobane o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola+ lefatše ka toka a sebelisa monna eo a mo khethileng. O ile a tsosa monna eo bafung ’me ka ho etsa joalo a kholisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.”+
12 Ka bona bafu ba baholo le ba banyenyane ba eme ka pel’a terone ’me meqolo ea buloa. Empa ho ile ha buloa moqolo o mong, moqolo oa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.+