Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Daniele 9:24-27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Batho ba heno le motse oa heno o halalelang+ o behetsoe libeke* tse 70 e le hore ho felisoe molato, ho tlosoe sebe,+ ho etsoe sehlabelo sa tšoarelo ea libe,+ ho be le ho loka ka ho sa feleng,+ ho tiisoe pono le boprofeta*+ le hore ho tlotsoe Sehalalelo sa Lihalalelo.* 25 U tsebe u be u utloisise hore ho tloha ha ho phatlalatsoa hore Jerusalema e tsosolosoe+ ho fihlela Mesia*+ Moeta-pele+ a hlahella, e tla ba libeke tse supileng le libeke tse 62.+ E tla tsosolosoa e be le lebala la motse le foro e thibellang empa ka nako eo ho tla be ho le thata.

      26 Ka mor’a libeke tse 62, Mesia o tla bolaoa+ ho se na letho leo a setseng ka lona.+

      Moeta-pele o tla tla le masole a hae ’me ba felise motse oo le sebaka se halalelang+ ’me timetso e tla tla ka moroallo. Ho tla ba le ntoa ho fihlela bofelong. Molimo o entse qeto ea hore ho felisoe motse oo.+

      27 O tla etsa hore selekane se lule se le teng molemong oa ba bangata ka beke e le ’ngoe. Halofong ea beke eo, o tla felisa sehlabelo le nyehelo ea mpho.+

      Ea senyang o tla tla a le lepheong la lintho tse nyonyehang.+ Qeto eo Molimo a e entseng e tla tšolleloa holim’a ea setseng a le mong ho fihlela a felisoa.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela