3 Ho rorisoe Molimo, Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste hobane ka lebaka la mohau oa hae re ile ra tsoaloa bocha+ ha a tsosa Jesu Kreste bafung+ e le hore re be le tšepo e sa feleng.+4 Molimo o le fa lefa le ke keng la senyeha kapa la fela.+ O le boloketse lefa leo leholimong.+
2 Baratuoa, le hoja re le bana ba Molimo,+ ha re e-s’o tsebe hore na re tla ba joang ka moso.+ Empa rea tseba hore mohla a iponahatsang re tla tšoana le eena hobane re tla mo bona ka tsela eo a leng ka eona.
6 Ba tla tsosoa tsohong ea pele baa halalela ebile ba tla thaba.+ Ba ke ke ba shoa+ lefu la bobeli*+ empa e tla ba baprista+ ba Molimo le ba Kreste ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse 1 000.+