25 Molimo o ile a fana ka Jesu e le nyehelo+ e le hore re ka khutlela ho eena ka hore re bontše tumelo maling a Jesu.+ O entse joalo e le hore a bonahatse ho loka ha hae hobane a ne a bontša hore o na le mamello ka ho tšoarela libe tse entsoeng nakong e fetileng.
15 Mantsoe a reng “Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe”+ ke ’nete hape re tšoanela ho a lumela. Har’a baetsalibe bao bohle, ke ’na ea ka pele-pele.+
17 Ka lebaka leo, o ile a tlameha ho tšoana le “bana babo” ka litsela tsohle+ e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang ha a etsa mosebetsi oa Molimo. Hape o ile a fana ka sehlabelo+ se hlakolang libe tsa batho e le hore ba ka ba le khotso le Molimo.+
24 O ile a jara libe tsa rona+ ha a khokhotheloa palong*+ e le hore a re lokolle sebeng ’me re phelele ho etsa lintho tse ntle. “Le ile la folisoa ka lebaka la maqeba a hae.”+
10 O ile a romela Mora oa hae e le sehlabelo se hlakolang libe tsa rona+ e le hore re ka boelana le eena.+ O entse joalo hobane a re ratile eseng hobane re mo ratile.