-
Matheu 5:21, 22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Le utloile hore ho itsoe ho batho ba mehleng ea khale: ‘U se ke oa bolaea.+ Mang kapa mang ea bolaeang o tla ikarabella lekhotleng la toka.’+ 22 Empa ke re ho lona, e mong le e mong ea lulang a halefetse+ ngoan’abo o tla ikarabella lekhotleng la boahloli. Mang kapa mang ea buang mantsoe a etsang hore ngoan’abo a ikutloe a se na thuso, o tla ikarabella Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa. Athe mang kapa mang ea reng ho e mong: ‘Sehole tooe!’ o tla lokeloa ke mollo oa Gehena.*+
-