30 Jesu a re ho eena: “U mang?” A re: “Ke Legione” hobane o ne a kenoe ke bademona ba bangata. 31 Bademona bao ba ’na ba kopa Jesu hore a se ke a ba laela hore ba ee ka sekoting se tebileng.*+
4 Molimo o ile a otla mangeloi a entseng sebe,+ a a lahlela Tartarase,*+ a a fasa ka liketane eaba o a beha lefifing le letšo-letšo* moo a emetseng ho ahloloa.+
20Ka bona lengeloi le theoha leholimong le tšoere senotlolo sa sekoti se tebileng+ le ketane e kholo. 2 La tšoara drakone+ e leng noha+ ea pele e bitsoang Diabolose+ le Satane+ ’me la e fasa ka lilemo tse 1 000.