-
2 Petrose 2:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Ho ile ha hlaha baprofeta ba bohata har’a batho ba Molimo. Ka tsela e tšoanang, ho tla boela ho hlahe batho ba rutang mashano har’a lona.+ Ba tla etsa hore ka lekunutu ho be le maquloana a tla senya tumelo ea lona ebile ba tla latola le mong’a bona ea ba rekileng.+ Ba tla felisoa kapele ka lebaka la ho etsa lintho tseo.
-
-
2 Petrose 3:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Ke etsa tjena e le hore le ka hopola lintho tseo baprofeta ba halalelang ba ileng ba li bua* le lithuto tseo Morena le Mopholosi oa rona a li fetisitseng a sebelisa baapostola. 3 Pele ho tsohle, tsebang hore mehleng ea bofelo ho tla ba le batho ba somang lintho tse ntle, ba laoloang ke litakatso tsa bona.+
-