26 Hape moea o halalelang o ka re thusa ha re se na matla.+ Bothata ke hore re hloka ho rapela empa ha re tsebe hore na re re’ng. Ha re lla empa re sa tsebe hore na re re’ng, moea o halalelang oa re buella.
18 Le lule le rapela ka linako tsohle le susumetsoa ke moea oa Molimo,+ le etse lithapelo tsa mefuta eohle+ le lithapelo tse matla. E le hore le khone ho etsa joalo, le lule le falimehile ’me le etsetse balumeli* kaofela lithapelo tse matla hangata.