Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 5:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 U tla felisa batho ba buang leshano.+

      Jehova o hloile batho ba ratang ntoa le ba buang leshano.*+

  • Esaia 52:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 52 Tsoha, tsoha, u ikapese matla,+ uena Sione!+

      Apara liaparo tsa hao tse ntle,+ uena Jerusalema, motse o halalelang!

      Ea sa bollang le ea sa hloekang ha ba sa tla hlola ba kena ho uena.+

  • 1 Bakorinthe 6:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo?+ Le se ke la khelosoa.* Batho ba tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba rapelang litšoantšo,+ ba febang,+ banna ba etsang thobalano le banna ba bang,*+ 10 masholu, batho ba sa khotsofaleng,*+ matahoa,+ ba litlhapa* kapa ba nkang lintho tsa batho ba bang ka mahahapa ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo.+

  • Bagalata 5:19-21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Liketso tse mpe li bonahala ka ho hlaka. Tsona ke: Boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ho se hloeke, boitšoaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa soabe,*+ 20 ho rapela litšoantšo, ho buisana le balimo,*+ lehloeo, liqabang, mona, bohale, ho se utloane, likarohano, lihlotšoana, 21 mohono,* botahoa,+ liphathi tse sa laoleheng le lintho tse kang tsena.+ Joalokaha ke ile ka le lemosa pele, ke boela ke le lemosa hape hore batho ba etsang lintho tsena ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo.+

  • Tšenolo 21:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ha e le makoala, batho ba se nang tumelo,+ ba litšila le ba etsang lintho tse nyonyehang, babolai,+ ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba sebelisanang le bademona, ba rapelang litšoantšo le bohle ba leshano,+ ba tla lahleloa letšeng la mollo le sebabole.+ Letša leo la mollo le bolela lefu la bobeli.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela