Jobo
5 Hoeletsa u kope thuso, na ho na le ea u arabang?
Har’a mangeloi a halalelang u tla kopa thuso ho lefe?
2 Leoatla le tla bolaoa ke khalefo ea lona
’Me mohono o tla bolaea motho ea lumelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe habonolo.
3 Ke bone leoatla le mela ka metso
Empa ka tšohanyetso sebaka sa lona sa bolulo se ile sa oeloa ke bomalimabe.
4 Bara ba lona ha baa sireletseha,
Baa tlotlolloa keiting ea motse+ ’me ha ho na motho ea ba pholosang.
5 Ea lapileng o ja seo a se kotutseng,
O boetse o kotula le se hlahileng har’a meutloa
’Me lintho tsa hae lia nkuoa.
6 Lintho tse kotsi ha li hlahe leroleng
Le mathata ha a hlahe mobung.
7 Motho o tsoaletsoe ho ba le mathata
Feela joalokaha litlhase li fofela holimo.
8 Empa ha ke ne ke le uena, ke ne ke tla kopa thuso ho Molimo
Ebile ke ne ke tla hlahisa nyeoe ea ka ho eena,
9 Ho ea etsang lintho tse kholo le tse ke keng tsa batlisisoa,
Lintho tse hlollang tse se nang palo.
10 O fana ka pula lefatšeng
’Me o romela metsi masimong.
11 O phahamisa ea tlase,
Hape o pholosa ea utloileng bohloko.
12 O senya merero ea ba bolotsana,
E le hore mosebetsi oa matsoho a bona o se ke oa atleha.
14 Ba potolohiloe ke lefifi motšehare,
’Me har’a mpa motšehare ba phopholetsa joalokaha eka ke bosiu.
15 O pholosa mofutsana mantsoeng a hlabang a lira tsa hae,
A mo pholose letsohong la ea matla,
16 E le hore ea tlase a be le tšepo,
Empa molomo oa ea sa lokang o koalehe.
17 Ho thaba motho eo Molimo a mo khalemelang,
Kahoo, u se ke oa hana khalemelo ea Ea Matla ’Ohle.
18 Kaha o etsa hore motho a utloe bohloko, a boele a tlamise leqeba,
Oa lematsa, a boele a folise ka matsoho a hae.
19 O tla u pholosa mathateng a tšeletseng,
Le bothata ba bosupa bo ke ke ba u lematsa.
20 Nakong ea tlala o tla u lopolla lefung,
A u lopolle matleng a sabole nakong ea ntoa.
22 U tla tšeha tlokotsi le tlala,
’Me u ke ke oa tšoha libata tsa naha.
24 U tla thabela ho lula ka tenteng ea hao e sireletsehileng,*
Ha u e’o sheba liphoofolo tsa hao, u tla fumana ho se na e lahlehileng.
25 U tla ba le bana ba bangata
Litloholo tsa hao li tla ba ngata joaloka limela tsa naha.
26 U tla ea lebitleng u ntse u le matla,
Joaloka koro e tlanngoeng mangata e kotutsoeng ka nako ea eona.
27 Re hlahlobile taba ena ’me ra fumana hore e joalo.
E mamele u be u e amohele.”