Numere
17 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele ’me u nke molamu o le mong lelokong le leng le le leng la bona, ho likhosana tsa leloko ka leng+ ’me kaofela e be melamu e 12. U ngole lebitso la e mong le e mong molamung oa hae. 3 U ngole lebitso la Arone molamung oa Levi hobane ho na le molamu o le mong bakeng sa hlooho ea leloko ka leng. 4 U behe melamu eo ka tenteng ea pokano ka pel’a Bopaki,+ moo ke itlhahisang teng ho uena kamehla.+ 5 Molamu oa monna eo ke mo khethang+ o tla ba le lithunthung ’me ke tla etsa hore Baiseraele ba khaotse ho nkorotlela+ joalokaha le lona ba le korotlela.”+
6 Kahoo, Moshe a bua le Baiseraele ’me likhosana tsohle tsa bona tsa mo fa melamu, molamu bakeng sa khosana e ’ngoe le e ’ngoe ea leloko ka leng, ea e-ba melamu e 12 ’me molamu oa Arone o ne o le har’a melamu ea bona. 7 Joale Moshe a beha melamu eo ka pel’a Jehova ka tenteng ea Bopaki.
8 Ka letsatsi le hlahlamang, ha Moshe a kena ka tenteng ea Bopaki, a bona molamu oa Arone o emelang lelapa la Levi o e-na le lithunthung, o hlahisitse lithunthung, o thuntse lipalesa o bile o e-na le lialmonde tse butsoitseng. 9 Joale Moshe a ntša melamu eohle ka pel’a Jehova a e tlisa ho batho bohle ba Iseraele. Ba e sheba ’me monna e mong le e mong a nka molamu oa hae.
10 Eaba Jehova o re ho Moshe: “Khutlisetsa molamu oa Arone+ ka pel’a Bopaki hore o bolokoe e le pontšo+ bakeng sa marabele+ e le hore ba tle ba khaotse ho nkorotlela le hore ba se ke ba shoa.” 11 Hang-hang Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. A fela a etsa joalo.
12 Baiseraele ba re ho Moshe: “Joale re tl’o shoa, re tl’o felisoa, kaofela re tl’o felisoa. 13 Mang kapa mang ea atamelang tabernakele ea Jehova o tla shoa.+ Na re tla qetella re shoele ka tsela eo?”+