Ezekiele
35 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, profeta molaetsa oa kahlolo sebakeng se lithaba sa Seire.+ 3 U re ho sona, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tl’o u ahlola uena sebaka se lithaba sa Seire, ke u etse sebaka se omeletseng, se se nang letho.+ 4 Ke tla senya metse ea hao ’me ke etse hore sebaka sa hao se se ke sa e-ba le letho.+ U tla tseba hore ke ’na Jehova 5 hobane u ile oa hloea Baiseraele haholo,+ oa etsa hore ba bolaoe ka sabole nakong ea bona ea tlokotsi ha ba ne ba ahloloa la ho qetela.’+
6 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ka lebaka leo, ke u ahloletse lefu ’me ha ho na moo u tla balehela teng. Lefu le tla u latela+ hobane le uena u ne u ahloletse batho bao u neng u ba hloile lefu.+ 7 Ke tla etsa hore sebaka se lithaba sa Seire se se ke sa e-ba le letho+ ke be ke bolaee mang kapa mang ea fetang kapa ea khutlelang ho sona. 8 Lithaba tsa sona ke tla li tlatsa batho ba bolailoeng ’me batho ba bolailoeng ka sabole ba tla oela maralleng, likhohlong le linokaneng tsohle tsa hao. 9 Ke tla u felisa ebile metse ea hao e ke ke ea hlola e e-ba le baahi.+ U tla tseba hore ke ’na Jehova.’
10 Kaha u ile oa re, ‘Lichaba tsena tse peli le linaha tsena tse peli e tla ba tsa ka. Re tla li nka li le peli+ hore e be tsa rona’ le hoja ’na Jehova ke ne ke le teng har’a tsona. 11 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ke u ahlola, ke tla halefa ka tsela eo u neng u li halefela ka eona le ka tsela eo u neng u li hloile ka eona.+ Ka nako eo, ke tla etsa hore li ntsebe. 12 U tla tseba hore ’na Jehova ke utloile lintho tsohle tse mpe tseo u li buileng ka lithaba tsa Iseraele ha u re, “Li lahliloe ebile re fuoe monyetla oa hore re li felise.”* 13 U buile lintho tse ngata tse mpe ka ’na u ikhohomosa.+ Ke li utloile kaofela.’
14 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lefatše lohle le tla thaba ha ke u felisa. 15 Feela joalokaha u ile oa thaba ha lefa la Baiseraele le felisoa, ke tla u etsa ntho e tšoanang.+ Uena sebaka se lithaba sa Seire, naha eohle ea Edomo,+ u tla felisoa. Batho ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’”