Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 37
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Ezekiele

      • Pono ea thota e tletseng masapo a omeletseng (1-14)

      • Lithupa tse peli li tla kopanngoa (15-28)

        • Sechaba se le seng se tla busoa ke morena a le mong (22)

        • Selekane sa ka ho sa feleng sa khotso (26)

Ezekiele 37:1

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Letsoho la Jehova.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tše 21:10

Ezekiele 37:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 37:11

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    3/2016, maq. 29-30

Ezekiele 37:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 32:39; 1Sa 2:6

Ezekiele 37:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 2:7; Eze 37:14

Ezekiele 37:7

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    3/2016, maq. 29-31

Ezekiele 37:8

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    3/2016, maq. 29-31

Ezekiele 37:9

Linaletsana

  • *

    Kapa: “phefumoloho.”

Ezekiele 37:10

Linaletsana

  • *

    Kapa: “eaba moea oa bophelo o kena ka hare ho bona.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tše 11:11

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    3/2016, maq. 29-31

Ezekiele 37:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 36:10
  • +Esa 49:14

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    3/2016, maq. 29-30

    Molula-Qhooa (1988),

    9/15/1988, leq. 24

Ezekiele 37:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 66:14
  • +Eze 11:17; Amo 9:14

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1988),

    9/15/1988, leq. 24

Ezekiele 37:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 126:2

Ezekiele 37:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 32:14, 15; Eze 36:27

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Baboleli, leq. 77

Ezekiele 37:16

Linaletsana

  • *

    Kapa: “le metsoalle ea hae.”

  • *

    Kapa: “le metsoalle ea hae.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 15:9; 30:11
  • +1Ma 11:31; 12:20

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    1/2022, leq. 22

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    1/2018, leq. 14

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    7/2016, maq. 31-32

    Molula-Qhooa (1988),

    9/15/1988, leq. 25

Ezekiele 37:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 11:13; Jer 3:18

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    1/2022, leq. 22

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    1/2018, leq. 14

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    7/2016, maq. 31-32

    Molula-Qhooa (1988),

    9/15/1988, leq. 25

Ezekiele 37:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 50:4; Zak 10:6

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1988),

    9/15/1988, leq. 25

Ezekiele 37:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 30:3; Esa 11:12; Jer 16:14, 15; Amo 9:14

Ezekiele 37:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 3:18; Hos 1:11
  • +Ge 49:10; Ps 2:6; Esa 9:6; Jer 23:5; Lu 1:32
  • +Eze 37:19; Zak 10:6

Ezekiele 37:23

Linaletsana

  • *

    Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 2:18; Eze 11:18; Hos 14:8; Zak 13:2
  • +Jer 31:33; Eze 36:28

Ezekiele 37:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 23:5; 30:9; Hos 3:5; Lu 1:32
  • +Joh 10:16; 1Pe 5:4
  • +De 30:8-10; Jer 32:39; Eze 36:27

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1988),

    9/15/1988, leq. 25

Ezekiele 37:25

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “bara.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 30:3
  • +Joe 3:20
  • +Esa 60:21; Amo 9:15
  • +Eze 34:24; Lu 1:32

Ezekiele 37:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 34:25
  • +Jer 30:19; Zak 8:5

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    3/15/2010, maq. 27-28

    3/1/1991, maq. 18-19

Ezekiele 37:27

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Sebaka seo ke lulang ho sona se; Lehae la ka le.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 26:12; Eze 11:19, 20; 43:7; Hos 2:23; Tše 21:3

Ezekiele 37:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 36:23

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    3/1/1991, leq. 19

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Ezek. 37:1Tše 21:10
Ezek. 37:2Eze 37:11
Ezek. 37:3De 32:39; 1Sa 2:6
Ezek. 37:5Ge 2:7; Eze 37:14
Ezek. 37:10Tše 11:11
Ezek. 37:11Eze 36:10
Ezek. 37:11Esa 49:14
Ezek. 37:12Esa 66:14
Ezek. 37:12Eze 11:17; Amo 9:14
Ezek. 37:13Ps 126:2
Ezek. 37:14Esa 32:14, 15; Eze 36:27
Ezek. 37:162Kr 15:9; 30:11
Ezek. 37:161Ma 11:31; 12:20
Ezek. 37:17Esa 11:13; Jer 3:18
Ezek. 37:19Jer 50:4; Zak 10:6
Ezek. 37:21De 30:3; Esa 11:12; Jer 16:14, 15; Amo 9:14
Ezek. 37:22Jer 3:18; Hos 1:11
Ezek. 37:22Ge 49:10; Ps 2:6; Esa 9:6; Jer 23:5; Lu 1:32
Ezek. 37:22Eze 37:19; Zak 10:6
Ezek. 37:23Esa 2:18; Eze 11:18; Hos 14:8; Zak 13:2
Ezek. 37:23Jer 31:33; Eze 36:28
Ezek. 37:24Jer 23:5; 30:9; Hos 3:5; Lu 1:32
Ezek. 37:24Joh 10:16; 1Pe 5:4
Ezek. 37:24De 30:8-10; Jer 32:39; Eze 36:27
Ezek. 37:25Jer 30:3
Ezek. 37:25Joe 3:20
Ezek. 37:25Esa 60:21; Amo 9:15
Ezek. 37:25Eze 34:24; Lu 1:32
Ezek. 37:26Eze 34:25
Ezek. 37:26Jer 30:19; Zak 8:5
Ezek. 37:27Le 26:12; Eze 11:19, 20; 43:7; Hos 2:23; Tše 21:3
Ezek. 37:28Eze 36:23
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Ezekiele 37:1-28

Ezekiele

37 Matla a Jehova* a ne a le holim’a ka ’me Jehova o ile a nkuka ka moea oa hae o halalelang a mpeha thoteng+ e tletseng masapo. 2 O ile a mphetisa har’a ’ona kaofela. Ke ile ka bona masapo a mangata le a omeletseng haholo+ moo thoteng. 3 O ile a re ho ’na: “Mor’a motho, na masapo aa a ka phela?” Ka re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, ke uena ea tsebang.”+ 4 A re ho ’na: “Profetela masapo ana u re ho ’ona, ‘Lona masapo a omeletseng, utloang lentsoe la Jehova:

5 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho masapo ana: “Ke tla kenya moea oa bophelo ka hare ho lona ’me le tla boela le phele.+ 6 Ke tla le kenya mesifa le nama, ke le koahele ka letlalo ke be ke kenye moea oa bophelo ka hare ho lona ’me le tla boela le phele. Le tla tseba hore ke ’na Jehova.”’”

7 Ke ile ka profeta feela joalokaha ke ne ke laetsoe. Hang ha ke qala ho profeta, ka utloa molumo, e ne e le molumo oa masapo a kopanang eaba aa kopana. 8 Ka bona mesifa le nama e hlaha masapong eaba letlalo lea a koahela. Empa a ne a ntse a sa phele.

9 Molimo a re ho ’na: “Profetela moea. Mor’a motho, profeta u re ho moea, ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Uena moea,* tloo ho tsoa mahlakoreng a mane ’me u butsoele batho bana ba bolailoeng e le hore ba phele.”’”

10 Ke ile ka profeta feela joalokaha ke ne ke laetsoe eaba ba qala ho phela* ’me ba ema ka maoto.+ E ne e le batho ba bangata haholo.

11 A boela a re ho ’na: “Mor’a motho, masapo ana ke Baiseraele bohle.+ Ke bana ba ntse ba re, ‘Masapo a rona a omeletse le tšepo ea rona e felile.+ Kannete re felisitsoe.’ 12 Profeta u ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lona sechaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona+ ke be ke le tsose ’me ke tla le khutlisetsa naheng ea Iseraele.+ 13 Sechaba sa ka, le tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke bula mabitla a lona ebile ke le tsosa ’me ke le ntša ka har’a ’ona.’+ 14 Jehova o re, ‘Ke tla kenya moea oa ka o halalelang ka hare ho lona ’me le tla phela+ ke be ke le behe naheng ea lona. Le tla tseba hore ’na Jehova ke entse seo ke se buileng.’”

15 Jehova a boela a bua le ’na a re: 16 “Mor’a motho, nka thupa u ngole mantsoe ana ho eona, ‘Ea Juda le ea Baiseraele ba nang le eena.’*+ U nke thupa e ’ngoe ’me u ngole a reng, ‘Ea Josefa e emelang Efraime le Baiseraele bohle ba nang le eena.’*+ 17 Ka mor’a moo, u li kopanye hore e be thupa e le ’ngoe letsohong la hao.+ 18 Ha sechaba sa heno se re ho uena, ‘Re bolelle hore na lintho tsena li bolela’ng,’ 19 u se bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla nka thupa ea Josefa e letsohong la Efraime le ea meloko ea Iseraele e nang le eena, ke e kopanye le thupa ea Juda. Ke tla li etsa thupa e le ’ngoe+ ’me e tla ba ntho e le ’ngoe letsohong la ka.’” 20 Lithupa tseo u li ngotseng u li tšoare ka letsoho e le hore ba li bone.

21 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla lata Baiseraele lichabeng tseo ba leng ho tsona, ke be ke ba late libakeng tsohle tseo ba leng ho tsona ke ba khutlisetse naheng ea bona.+ 22 Ke tla ba etsa sechaba se le seng naheng ea bona+ lithabeng tsa Iseraele. Kaofela ha bona ba tla busoa ke morena a le mong+ ’me ha e sa tla hlola e e-ba lichaba tse peli ebile ha ba sa tla hlola ba arohana hore e be mebuso e ’meli.+ 23 Ha ba sa tla hlola ba itšilafatsa ka ho siteloa Molimo, ka ho etsa lintho tse mpe le ka ho rapela litšoantšo tsa bona tse nyonyehang.*+ Ke tla ba hloekisa ke be ke ba thuse hore ba tlohele ho etsa lintho tsohle tse mpe. E tla ba sechaba sa ka, ’na ke tla ba Molimo oa bona.+

24 Mohlanka oa ka Davida e tla ba morena oa bona+ ebile kaofela ha bona ba tla ba le molisa a le mong.+ Ba tla mamela melao ea ka le litaelo tsa ka.+ 25 Ba tla lula naheng eo ke e fileng mohlanka oa ka Jakobo, moo baholo-holo ba bona ba neng ba lula teng.+ Ba tla lula moo bophelo bohle ba bona+ hammoho le bana* ba bona le litloholo tsa bona.+ Mohlanka oa ka Davida o tla lula e le khosana ea bona.+

26 Ke tla etsa selekane sa khotso le bona,+ e tla ba selekane sa ka ho sa feleng. Ke tla ba lokisetsa sebaka seo ba tla lula ho sona, ke etse hore ba be bangata+ ke be ke behe tempele ea ka har’a bona ka ho sa feleng. 27 Tente ea ka e* tla ba moo ba lulang teng, e tla ba sechaba sa ka ’me ’na ke tla ba Molimo oa bona.+ 28 Lichaba li tla tseba hore ’na Jehova ke halaletsa Baiseraele ha ke beha tempele ea ka har’a bona ka ho sa feleng.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela