Jeremia
34 Ana ke mantsoe ao Jehova a ileng a a bua ho Jeremia, ha Nebukadnezare* morena oa Babilona, masole ’ohle, mebuso eohle ea lefatše e tlas’a puso ea hae le lichaba tsohle li loantša Jerusalema le metse eohle ea eona. O ile a re:+
2 “Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Tsamaea u e’o bua le Morena Tsedekia+ oa Juda, u re ho eena: “Jehova o re: ‘Ke nehelana ka motse ona letsohong la morena oa Babilona ’me o tla o chesa ka mollo.+ 3 U ke ke oa phonyoha letsohong la hae hobane u tla tšoaroa ’me ho nehelanoe ka uena letsohong la hae.+ U tla bona morena oa Babilona ka mahlo a hao a mabeli ’me le tla bua le shebane mahlong ebe u ea Babilona.’+ 4 Leha ho le joalo, mamela lentsoe la Jehova, uena Morena Tsedekia oa Juda: ‘Jehova o re ka uena: “U ke ke oa bolaoa ka sabole. 5 U tla ichoella ka khotso,+ ba tla u etsetsa mokete oa ho chesa libano joalokaha ba etselitse bo-ntate ba hao le marena a bileng teng pele ho uena. Ba tla u llela ba re: ‘Ao Mong’a rona!’ etsoe ‘ke buile,’ ke Jehova ea chong.”’”’”
6 Eaba moprofeta Jeremia o bolella Morena Tsedekia oa Juda mantsoe ana ’ohle a le Jerusalema. 7 E ne e le ha masole a morena oa Babilona a ne a loantša Jerusalema le metse eohle ea Juda e setseng,+ a loantša Lakishe+ le Azeka.+ E ne e le eona feela metse ea Juda e neng e sirelelitsoe ka thata e sa kang ea haptjoa.
8 Ka mor’a hore Morena Tsedekia a etse selekane le sechaba sohle se neng se le Jerusalema bakeng sa ho lokolla makhoba, Jehova o ile a bolella Jeremia+ 9 hore motho e mong le e mong a lokolle lekhoba la hae la Moheberu ebang ke la monna kapa la mosali e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea entseng Mojuda oa habo lekhoba. 10 Kahoo, likhosana tsohle le batho bohle ba mamela. Ba ne ba entse selekane sa hore motho e mong le e mong a lokolle lekhoba la hae ebang ke la monna kapa la mosali ’me e se ke ea hlola e e-ba makhoba. Eaba baa mamela ’me baa ba lokolla. 11 Empa hamorao ba lata banna le basali bao ba neng ba ba lokolotse bokhobeng, ba ba etsa makhoba hape. 12 Kahoo, Jehova a bua le Jeremia ’me Jehova a re:
13 “ ’Na Jehova Molimo oa Iseraele ke re: ‘Ke entse selekane le baholo-holo ba lona+ mohla ke neng ke ba ntša Egepeta, naheng ea bokhoba ba lona+ ka re: 14 “Ka mor’a lilemo tse supileng, e mong le e mong oa lona a lokolle ngoan’abo oa Moheberu eo a mo rekiselitsoeng, ea mo sebelelitseng ka lilemo tse tšeletseng. Le mo lokolle.”+ Empa baholo-holo ba lona ha baa ka ba ’mamela kapa ba ntšekehela tsebe. 15 Haufinyane tjena,* lona le sokolohile eaba le etsa ntho e nepahetseng mahlong a ka ka hore le lokolle bana ba bo lona ’me le etse selekane le ’na ka tlung e bitsoang ka lebitso la ka. 16 Empa joale le mphetohetse, la silafatsa lebitso la ka+ ka hore le late banna le basali bao e neng e le makhoba a lona, bao le ileng la ba lokolla hore ba ee moo ba batlang eaba le ba etsa makhoba a lona hape.’
17 Ka hona, Jehova o re: ‘Ha lea ’mamela hobane ha lea ka la lokolla bana ba bo lona le batho ba habo lona.+ Kahoo, ke tla le lokolla hore le bolaoe ka sabole, lefu la seoa le tlala+ ’me ke tla etsa hore mebuso eohle ea lefatše e tšohe ha e bona ntho e le hlahetseng,’ ke Jehova ea chong.+ 18 ‘Ho tla etsahala tjena ka batho ba fetohetseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha mantsoe a selekane seo ba se entseng ka pel’a ka ka ho seha namane ka lehare ebe ba feta pakeng tsa eona*+ 19 e leng likhosana tsa Juda le tsa Jerusalema, liofisiri tsa lekhotla, baprista le batho bohle ba naha ba ileng ba feta pakeng tsa namane e sehiloeng ka lehare: 20 Ke tla ba nehella lira tsa bona le batho ba batlang ho ba bolaea ’me litopo tsa bona e tla ba lijo tsa linonyana tsa maholimo le libata tsa lefatše.+ 21 Ke tla nehelana ka Morena Tsedekia oa Juda le likhosana tsa hae matsohong a lira tsa bona, matsohong a ba batlang ho ba bolaea le matsohong a mabotho a morena oa Babilona+ a seng a sa batle ho le hlasela.+
22 Ke tla fana ka taelo ’me ke tla ba khutlisetsa motseng ona. Ba tla o loantša, ba o hape, ba o chese ka mollo.+ Ke tla etsa hore metse ea Juda e se ke ea e-ba le letho, e hloke baahi,’ ke Jehova ea chong.”+