Buka ea Bobeli ea Likronike
21 Josafate a shoa ’me a pateloa Motseng oa Davida. Mora oa hae Jorame ea e-ba morena.+ 2 Bana babo e leng bara ba Josafate, e ne e le Azaria, Jehiele, Zakaria, Azaria, Mikaele le Shefatia. Bana bohle e ne e le bara ba Morena Josafate oa Iseraele. 3 Ntate oa bona o ne a ba file limpho tse ngata tsa silevera le khauta le lintho tsa bohlokoa hammoho le metse e sirelelitsoeng ka marako e Juda.+ Empa a fa Jorame+ ’muso hobane e ne e le letsibolo.
4 Ha Jorame e se e le morena ’musong oa ntate oa hae, o ile a tiisa borena ba hae ka ho bolaea bana babo+ kaofela le likhosana tse ling tsa Iseraele ka sabole. 5 Jorame e bile morena ha a le lilemo li 32 ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse robeli.+ 6 O ile a etsa lintho tse tšoanang le tseo marena a Iseraele+ a neng a li etsa. A etsa feela joalokaha ba lelapa la Akabe ba ile ba etsa hobane o ne a nyetse morali oa Akabe+ ’me a ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. 7 Empa Jehova o ne a sa batle ho felisa ba leloko la Davida ka lebaka la selekane seo a neng a se entse le eena+ hobane o ne a mo tšepisitse hore bana ba hae ba tla lula ba busa Jerusalema.+
8 Mehleng ea Jorame, Baedomo ba ile ba fetohela Bajuda+ ’me ba ikhethela morena.+ 9 Jorame le balaoli ba hae ba ea ho bona ka likariki tsohle tsa hae tsa ntoa ho ea ba hlasela. A tsoha bosiu ’me a bolaea Baedomo ba neng ba mo pota-potile le balaoli ba likariki tsa ntoa. 10 Haesale Baedomo ba fetohela Bajuda ho fihlela letsatsing lena ’me Libna+ le eona e ile ea fetohela Jorame ka nako eo hobane o ne a tlohetse Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae.+ 11 Jorame le eena o ile a etsa libaka tse phahameng+ lithabeng tsa Juda e le ho etsa hore baahi ba Jerusalema ba se ke ba tšepahalla Molimo ka hore ba rapele melimo e meng. Kahoo, a khelosa Bajuda.
12 Qetellong o ile a fumana lengolo le tsoang ho moprofeta Elia+ le reng: “Jehova Molimo oa moholo-holo oa hao Davida o re, ‘Ha oa ka oa etsisa ntate oa hao Josafate+ kapa Morena Asa+ oa Juda. 13 Empa u etsisitse marena a Iseraele,+ oa etsa hore Bajuda le baahi ba Jerusalema ba se ke ba tšepahalla Molimo ka hore ba rapele melimo e meng+ joalokaha ba lelapa la Akabe+ ba ne ba etsa ebile u bolaile le bana beno,+ ba lelapa la ntate oa hao ba neng ba le molemo ho u feta. 14 Ka lebaka leo, Jehova o tla otla sechaba sa hao, bara ba hao, basali ba hao le lintho tsohle tsa hao. 15 U tla tšoaroa ke maloetse a mangata, ho akarelletsa le boloetse ba mala, ho fihlela mala a hao a tsoela ka ntle ka lebaka la ho kula letsatsi le letsatsi.’”
16 Jehova a etsa hore Bafilista+ le Maarabia+ a neng a le haufi le Baethiopia ba hloee+ Jorame. 17 Kahoo, ba hlasela Juda ’me ba nka lintho tsohle tseo ba ileng ba li fumana ntlong ea morena,+ ba nka le bara ba hae le basali ba hae. O ile a sala feela ka mora oa hae e monyenyane e leng Joakaze.+ 18 Ka mor’a lintho tsena tsohle Jehova a mo otla ka boloetse ba mala bo sa foleng.+ 19 Ka mor’a lilemo tse peli, mala a hae a tsoa ka lebaka la boloetse ba hae ’me a shoa ka mor’a hore a kule haholo ke boloetse bona. Batho ba hae ha baa ka ba mo etsetsa mollo oa ho mo hlompha joalokaha ba ile ba etsetsa baholo-holo ba hae.+ 20 E bile morena ha a le lilemo li 32 ’me o busitse Jerusalema ka lilemo tse robeli. Ha a shoa ha ho na motho ea ileng a utloa bohloko. Ba ile ba mo patela Motseng oa Davida+ empa eseng mabitleng a marena.+