Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 35
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Lipesaleme

      • Thapelo ea ho pholosoa ho lira

        • Lira li tla lelekoa (5)

        • Ho rorisa Molimo har’a batho ba bangata (18)

        • Ho hlouoa ntle ho lebaka (19)

Pesaleme 35:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 24:15
  • +Ps 3:7

Pesaleme 35:2

Linaletsana

  • *

    Hangata li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 15:3
  • +Esa 42:13

Pesaleme 35:3

Linaletsana

  • *

    Kapa: “selepe se rathang ka nģa tse peli.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 23:26
  • +Esa 12:2

Pesaleme 35:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 17:18

Pesaleme 35:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 14:19, 20; Esa 37:36

Pesaleme 35:7

Linaletsana

  • *

    Kapa: “letlooa.”

Pesaleme 35:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 57:6; 141:10

Pesaleme 35:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 18:17
  • +Ps 40:17; Pr 22:22, 23

Pesaleme 35:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 27:12; Mat 26:59

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/15/2011, leq. 14

Pesaleme 35:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 19:4, 5; 20:33; Jer 18:20

Pesaleme 35:13

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

  • *

    Kapa: “e ne e khutlela sefubeng sa ka.”

Pesaleme 35:16

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “Ba sa lumeleng ho Molimo baa ntšoma ka lebaka la sengoathoana sa bohobe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 37:12

Pesaleme 35:17

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “bona bo le bong,” ha a bua ka bophelo ba hae.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Hab 1:13
  • +Ps 142:6
  • +Ps 22:20; 57:4

Pesaleme 35:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 22:22

Pesaleme 35:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 69:4; Joh 15:24, 25
  • +Pr 6:12, 13

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    5/15/2006, leq. 20

Pesaleme 35:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 31:13; Jer 11:19; Mat 26:4

Pesaleme 35:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 28:1
  • +Ps 10:1; 71:12

Pesaleme 35:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 26:1; 96:13

Pesaleme 35:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 41:1, 2

Pesaleme 35:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 84:11; 149:4

Pesaleme 35:28

Linaletsana

  • *

    Kapa: “nahanisisa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 51:14
  • +Ps 71:24

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Pes. 35:11Sa 24:15
Pes. 35:1Ps 3:7
Pes. 35:2Ex 15:3
Pes. 35:2Esa 42:13
Pes. 35:31Sa 23:26
Pes. 35:3Esa 12:2
Pes. 35:4Jer 17:18
Pes. 35:5Ex 14:19, 20; Esa 37:36
Pes. 35:8Ps 57:6; 141:10
Pes. 35:10Ps 18:17
Pes. 35:10Ps 40:17; Pr 22:22, 23
Pes. 35:11Ps 27:12; Mat 26:59
Pes. 35:121Sa 19:4, 5; 20:33; Jer 18:20
Pes. 35:16Ps 37:12
Pes. 35:17Hab 1:13
Pes. 35:17Ps 142:6
Pes. 35:17Ps 22:20; 57:4
Pes. 35:18Ps 22:22
Pes. 35:19Ps 69:4; Joh 15:24, 25
Pes. 35:19Pr 6:12, 13
Pes. 35:20Ps 31:13; Jer 11:19; Mat 26:4
Pes. 35:22Ps 28:1
Pes. 35:22Ps 10:1; 71:12
Pes. 35:24Ps 26:1; 96:13
Pes. 35:25Ps 41:1, 2
Pes. 35:27Ps 84:11; 149:4
Pes. 35:28Ps 51:14
Pes. 35:28Ps 71:24
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Pesaleme 35:1-28

Lipesaleme

Pesaleme ea Davida.

35 Jehova, buella nyeoe ea ka ho ba nkhanyetsang.+

U loantše ba ntoantšang.+

 2 Nka thebe ea hao e nyenyane* le e kholo,+

U eme ’me u ntoanele.+

 3 Phahamisa lerumo la hao le selepe* sa hao, u loantše ba ntelekisang.+

E re ho ’na: “Ke ’na ea u pholosang.”+

 4 E se eka ba tsomang bophelo ba ka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlolleha.+

E se eka ba rerang ho mpolaea ba ka khutla ba soabile.

 5 E se eka ba ka ba joaloka ’moko o fefoloang ke moea.

Lengeloi la Jehova le ba leleke.+

 6 Tsela ea bona e be lefifi e be e thelle

Ha lengeloi la Jehova le ntse le ba lelekisa.

 7 Ba nchehetse leraba* hore le ntšoase ntle ho lebaka.

Ba ncheketse sekoti ntle ho lebaka.

 8 E se eka ba ka hlaheloa ke tsietsi ba sa lebella.

E se eka leraba leo ba le patileng le ka ba tšoasa.

Ba oele ka har’a lona ’me ba shoe.+

 9 Ke tla thaba ka lebaka la Jehova.

Ke tla thaba hobane o mpholositse.

10 Ke tla bua ho tsoa pelong ke re:

“Jehova, ke mang ea joaloka uena?

U pholosa ba sa khoneng ho itšireletsa ho ba matla,+

U pholosa ba sa khoneng ho itšireletsa le ba futsanehileng ho ba ba nkelang lintho tsa bona.”+

11 Batho ba khopo baa nqosa,+

Ba mpotsa lintho tseo ke sa li tsebeng.

12 Ha ke ba etsa hantle, ba nketsa hampe,+

Ba etsa hore ke utloe bohloko joaloka motho ea shoetsoeng.

13 Ha ba kula, ke ile ka apara lesela le hoashang.*

Ka itšotla ka ho itima lijo

Leha thapelo ea ka e ne e sa arabeloa,*

14 Ke ile ka tsamaea joalokaha eka ke hlokahalletsoe ke motsoalle kapa ngoan’eso.

Ka inama ke hlorile joaloka motho ea hlokahalletsoeng ke ’Mè.

15 Ha ke khoptjoa, ba ile ba thaba ’me ba bokana.

Ba ikopanya hore ba ntlhasele ke sa lebella.

Ba nkhaola likoto ’me ha baa ka ba thola.

16 Ba sa lumeleng ho Molimo baa ’nyatsa ebile baa ntšoma,*

Ba ntsikitlanyetsa meno hobane ba nkhalefetse.+

17 Jehova, u tla ’ne u shebe feela ho fihlela neng?+

Mpholose ha ba ntlhasela,+

Pholosa bophelo ba ka ba bohlokoa* ha ba ntlhasela joaloka litaoana.+

18 Ke tla u leboha phuthehong e kholo.+

Ke tla u rorisa har’a batho ba bangata.

19 U se ke oa lumella hore bao e leng lira tsa ka ntle ho lebaka, ba thabe ka lebaka la matšoenyeho a ka.

U se ke oa lumella hore ba ntlhoileng ntle ho lebaka+ ba ntšome+

20 Kaha ha ba bue ka khotso

Empa ba qhekanyetsa batho ba nang le khotso lefatšeng.+

21 Ba ahlamisa melomo hore ba nqose,

Ba re: “Eke! Eke! Re u bone ka mahlo a rona.”

22 Jehova, u bone sena. U se ke oa thola feela.+

Jehova, u se ke oa ba hole le ’na.+

23 Ema u mpuelle,

Jehova Molimo oa ka, mpuelle nyeoeng ea ka.

24 Nkahlole ho ea ka melao ea hao e lokileng,+ Jehova Molimo oa ka.

U se ke oa ba lumella hore ba thabe ka lebaka la litsietsi tsa ka.

25 E se eka ba ke ke ba re ka lipelong tsa bona: “Eke! Re fumane ntho eo re neng re e batla.”

E se eka ba ke ke ba re: “Re qetile ka eena.”+

26 Bohle ba thabelang matšoenyeho a ka,

Ba ke ba hlajoe ke lihlong ’me ba soabe.

E se eka ba ikhohomosetsang ’na ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlollehe.

27 Empa ba thabelang liketso tsa ka tse lokileng ba ke ba hoeletse ba thabile.

Ba re kamehla:

“Ho ke ho tlotlisoe Jehova, ea thabang ha mohlanka oa hae a e-na le khotso.”+

28 Leleme la ka le tla bua* ka liketso tsa hao tse lokileng+

Le be le u rorise letsatsi lohle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela