Buka ea Bobeli ea Samuele
3 Ntoa pakeng tsa ba lelapa la Saule le ba lelapa la Davida ea ’na ea tsoela pele. Davida a ’na a ba matla+ empa ba lelapa la Saule ba ’na ba fokola.+
2 Davida a ba le bara ha a ntse a le Hebrone.+ Mora oa hae oa letsibolo e ne e le Amnone+ eo a bileng le eena le Akinoame+ oa Mojezriele. 3 Mora oa hae oa bobeli e ne e le Kileabe eo a bileng le eena le Abigaile+ mohlolohali oa Nabale oa Mokarmele. Oa boraro e ne e le Absalome+ mora oa Maaka, morali oa Talmai+ morena oa Geshure. 4 Mora oa hae oa bone e le Adonija+ eo a bileng le eena le Hagithe ’me oa bohlano e le Shefatia eo a bileng le eena le Abitale. 5 Oa botšelela e le Ithereame eo a bileng le eena le mosali oa hae Egla. Davida o ile a ba le bara bana ha a le Hebrone.
6 Ha ntoa e ntse e tsoela pele pakeng tsa ba lelapa la Saule le ba lelapa la Davida, Abnere+ a ’na a ba matla ka tlung ea Saule. 7 Joale Saule o ne a e-na le serethe* se bitsoang Rizpa+ morali oa Aja. Hamorao Ish-boshethe+ a re ho Abnere: “Ke hobane’ng ha u robetse le serethe sa ntate oa ka?”+ 8 Abnere a halefisoa ke seo Ish-boshethe a se buileng ’me a re: “Na ke ntja naheng ea Juda? Haesale ke tšepahaletse* lelapa la ntate oa hao Saule, bana babo le metsoalle ea hae ho fihlela letsatsing lena, ha kea ka ka nehelana ka uena ho Davida empa kajeno u nqosa ka hore ke entse sebe le mosali. 9 E se eka Molimo a ka fa ’na Abnere kotlo e boima haeba ke sa etsetse Davida seo Jehova a mo hlapanyelitseng sona,+ 10 e leng ho tlosa ’muso ntlong ea Saule ho o isa teroneng ea Davida hore a buse Iseraele le Juda, ho tloha Dane ho ea Beersheba.”+ 11 Ho tloha moo, Ish-boshethe ha aa ka a hlola a bua letho ho Abnere hobane o ne a mo tšaba.+
12 Hang-hang Abnere a romela baromuoa ho Davida a re: “Naha ke ea mang?” A boela a re: “Etsa selekane le ’na ’me ke tla etsa sohle seo nka se khonang* hore Baiseraele bohle ba be ka lehlakoreng la hao.”+ 13 Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le uena. Ntho feela eo ke e kopang ho uena ke hore u se ke oa tla ho ’na ntle leha u tla le Mikale+ morali oa Saule, ha u tl’o mpona.” 14 Eaba Davida o romela baromuoa ho Ish-boshethe+ mora oa Saule o re: “Mphe mosali oa ka Mikale eo ke ileng ka mo lebeletsa ka lintlha tse 100 tsa matlalo a litho tsa botona tsa Bafilista.”+ 15 Kahoo, Ish-boshethe a romela batho hore ba late Mikale ho monna oa hae Paltiele+ mora oa Laishe. 16 Empa monna oa hae a ’na a tsamaea le eena. O ne a lla ha a ntse a mo setse morao ho ea fihla Bahurime.+ Eaba Abnere o re ho eena: “Khutla!” Kahoo a khutla.
17 Ka nako eo, Abnere a romela molaetsa ho baholo ba Iseraele a re: “Esale le batla ho busoa ke Davida. 18 Joale ke nako ea hore le mo etse morena oa lona hobane Jehova o itse ho Davida: ‘Ke tla pholosa sechaba sa ka sa Iseraele ho Bafilista le ho lira tsa sona ke sebelisa mohlanka oa ka Davida.’”+ 19 Joale Abnere a bua le Babenjamine.+ Abnere a boela a bua le Davida moo a leng mong Hebrone, a mo bolella seo Baiseraele le Babenjamine ba lumellaneng ka sona.
20 Ha Abnere a fihla ho Davida Hebrone a e-na le banna ba 20, Davida a ba etsetsa mokete. 21 Eaba Abnere o re ho Davida: “E-re ke tsamaee ke e’o bokellela moren’a ka sechaba sohle sa Iseraele e le hore se ka etsa selekane le uena ’me oa ba morena holim’a Iseraele eohle.” Kahoo, Davida a re Abnere a tsamaee eaba o itsamaela ka khotso.
22 Ha Joabe le bahlanka ba Davida ba fihla ho tsoa ntoeng, ba fihla le lintho tse ngata tse hapiloeng. Abnere o ne a se a tlohile ho Davida Hebrone hobane Davida o ne a itse a tsamaee ka khotso. 23 Ha Joabe+ le masole ’ohle a neng a e-na le eena ba fihla, Joabe a bolelloa sena: “Abnere+ mora oa Nere+ o ne a tlile ho morena ’me morena a re a tsamaee eaba o itsamaela ka khotso.” 24 Joale Joabe a ea ho morena ’me a re: “U entse’ng? Abnere o ne a tlile ho uena, joale ke hobane’ng ha u mo tloheletse hore a itsamaele ka khotso? 25 U tseba Abnere mora oa Nere hantle. O ne a tlile mona ho tla u thetsa le ho tseba merero ea hao le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.”
26 Joabe a tloha ho Davida ’me a re baromuoa ba lelekise Abnere eaba ba khutla le eena ho tsoa selibeng sa Sira. Empa Davida o ne a sa tsebe letho ka taba ena. 27 Ha Abnere a khutlela Hebrone,+ Joabe a mo nkela ka thoko ka har’a keiti ea motse hore ba tl’o buisana ba le babeli feela. Leha ho le joalo, ha ba fihla moo, a mo hlaba mpeng eaba oa shoa.+ O ne a mo bolaea hobane a bolaile ngoan’abo Asahele.+ 28 Hamorao ha Davida a utloa ka taba ena a re: “ ’Na le ’muso oa ka re tla lula re se na molato ka pel’a Jehova bakeng sa lefu+ la Abnere mora oa Nere. 29 E se eka molato oa polao ea Abnere o ka khutlela ho Joabe+ le ho bohle ba lelapa la ntate oa hae. E se eka lelapeng la Joabe ho ka lula ho e-na le monna eo setho sa hae sa botona se lutlang,+ molepera,+ monna ea holofetseng,* monna ea bolaoang ka sabole kapa ea hlokang lijo.”+ 30 Kahoo, Joabe le ngoan’abo Abishai+ ba bolaea Abnere+ hobane o ne a bolaile ngoan’abo bona Asahele ha ba le ntoeng+ Gibeone.
31 Eaba Davida o re ho Joabe le ho batho bohle ba nang le eena: “Tabolang liaparo tsa lona ’me le itlame ka lesela le hoashang* le llele Abnere.” Morena Davida o ne a tsamaea ka mor’a batho ba jereng mofu. 32 Ba patela Abnere Hebrone. Morena o ile a lla haholo lebitleng la Abnere ’me batho kaofela le bona ba lla. 33 Morena a binela Abnere a re:
“Na Abnere a ka shoa lefu le kang la motho ea se nang kelello?
U shoele joaloka motho ea bolaoang ke linokoane.”*+
Eaba batho kaofela ba mo llela hape.
35 Hamorao batho bohle ba tla ho Davida, ba mo fa bohobe ba matšeliso e sa le motšehare. Empa Davida a hlapanya a re: “E se eka Molimo a ka mpha kotlo e boima haeba nka ja bohobe kapa ntho leha e le efe pele letsatsi le likela!”+ 36 Sechaba sohle se ile sa bona seo morena a se etsang ’me sa thaba feela joalokaha se ne se thabela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo morena a e etsang. 37 Letsatsing leo, sechaba sohle le Iseraele eohle ea tseba hore ha se morena ea bolaileng Abnere mora oa Nere.+ 38 Eaba morena o re ho bahlanka ba hae: “Na ha le tsebe hore letsatsing la kajeno Iseraele ho shoele khosana, monna ea matla?+ 39 Kajeno kea fokola le hoja ke tlotsitsoe hore ke be morena+ ’me banna bana e leng bara ba Tseruja,+ ba sehloho haholo.+ E se eka Jehova a ka buseletsa motho ea etsang lintho tse mpe ho ea ka lintho tse mpe tseo a li etsang.”+