Lipesaleme
Pina. Pesaleme ea bara ba Kora.+ Ho motsamaisi. E binoe ka mokhoa oa Mahalathe,* e binoe ho fapanyetsanoa. Maskile* ea Hemane+ oa Moezra.
2 E se eka thapelo ea ka e ka fihla ho uena.+
’Mamele* ha ke lla ke kopa thuso.+
4 Ke se ke baleletsoe har’a batho ba theohelang sekoting.*+
Ke fetohile monna ea se nang matla,+
5 Ea tlohetsoeng har’a ba shoeleng
Joaloka ba bolailoeng ba robetseng lebitleng,
Bao u seng u sa ba hopole
Le bao u seng u sa ba thuse.
Lintho tseo u nketsang tsona li tšoana le maqhubu a maholo a nkotlang. (Selah)
8 U suthiselitse bao ke ba tloaetseng hole le ’na.+
U entse hore ke be ntho e nyonyehang ho bona.
Ke koalletsoe ebile ha ke khone ho baleha.
9 Mahlo a ka ha a sa bona hantle ka lebaka la ho hlopheha.+
Letsatsi lohle ke bitsa uena Jehova.+
Ke otlollela matsoho a ka ho uena.
10 Na u tla etsetsa ba shoeleng mehlolo?
Na ba shoeleng ba ka tsoha hore ba u rorise?+ (Selah)
11 Na lerato la hao le tla boleloa lebitleng?
Na botšepehi ba hao bo tla boleloa sebakeng sa ho bola?*
12 Na liketso tsa hao tse hlollang li tla tsejoa lefifing?
Kapa na liketso tsa hao tse lokileng li tla tsejoa naheng ea batho ba lebetsoeng?+
14 Jehova, ke hobane’ng ha u ntahla?+
Ke hobane’ng ha u mpatela sefahleho sa hao?*+
Ke feletsoe ke matla ka lebaka la lintho tse tšosang tseo u lumeletseng hore li nketsahalle.
16 Ha ke sa na matla hobane u nkhalefetse haholo.+
Lintho tse tšosang tse tsoang ho uena lia mphelisa.
17 Li mpota-potile joaloka metsi letsatsi lohle.
Li nkoalletse ka mahlakoreng ’ohle.*
18 U suthiselitse metsoalle ea ka le bao ke ba tloaetseng hole le ’na.+
Lefifi e se e le motsoalle oa ka.