Ezekiele
7 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho naha ea Iseraele: ‘Bofelo! Bofelo bo fihlile naheng eohle. 3 Ke nako ea hore le felisoe. Ke tla le halefela, ke le ahlole ho ea ka liketso tsa lona ke be ke le fe kotlo ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tseo le li entseng. 4 Nke ke ka le utloela bohloko kapa ka le qenehela+ hobane ke tla le ahlola ho ea ka liketso tsa lona ebile le tla fumana litla-morao tsa lintho tse nyonyehang tseo le li etsang.+ Le tla tseba hore ke ’na Jehova.’+
5 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Tlokotsi, tlokotsi e sa tloaelehang ea tla.+ 6 Bofelo boa tla. Bofelo bo tla tla. Bo tla tla ho uena u sa lebella. Boa tla. 7 Nako* ea hao e fihlile, uena ea lulang naheng. Nako ea tla, letsatsi le haufi.+ Lithabeng ho na le molumo oa pherekano eseng oa thabo.
8 Haufinyane ke tla ntšetsa bohale ba ka ho uena+ ke be ke u halefele haholo+ ’me ke tla u ahlola ho ea ka liketso tsa hao ke be ke u fe kotlo ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tseo u li entseng. 9 Nke ke ka u utloela bohloko kapa ka u qenehela.+ Ke tla u ahlola ho ea ka liketso tsa hao ebile u tla fumana le litla-morao tsa lintho tse nyonyehang tseo u li etsang. Ke tla u ahlola ho ea ka liketso tsa hao. U tla tseba hore ’na Jehova, ke ’na ea u otlang.+
10 Letsatsi lea tla. Le haufi.+ Nako* ea lona e fihlile, thupa eo ke tl’o le otla ka eona e se e lokile ’me boikhohomoso ba sera bo eketsehile. 11 Lintoa li fetohile thupa ea bokhopo.+ Ba ke ke ba pholoha hammoho le maruo a bona, bongata ba bona le botumo ba bona. 12 Nako e tla tla, letsatsi le tla fihla. Motho ea rekang a se ke a thaba le ea rekisang a se ke a utloa bohloko hobane batho bohle ba halefetsoe.*+ 13 Motho ea rekisang a ke ke a khutlela sebakeng seo a se rekisitseng le haeba a ntse a phela hobane lintho tseo u li boneng ponong li tl’o tlela batho bohle. Ha ho na ea tla khutla ebile ha ho na ea tla pholosa bophelo ba hae ka lebaka la phoso ea hae.*
14 Ba letsitse terompeta+ ’me batho bohle ba se ba itokiselitse ho ea ntoeng empa ha ho na motho ea eang hobane ke halefetse batho bohle.+ 15 Batho ba ka ntle ho motse ba tla bolaoa ka sabole+ ’me ba ka hare ba bolaoe ke boloetse bo kotsi le tlala. Motho leha e le ofe ea masimong o tla bolaoa ka sabole ’me tlala le boloetse bo kotsi li bolaee ba ka har’a motse.+ 16 Batho ba bona ba tla pholoha le ba tla khona ho baleha ba tla ea lithabeng. E mong le e mong o tla llela phoso ea hae joaloka maeba a likhohlo.+ 17 Matsoho ’ohle a bona a tla khathala ’me mangole a bona a rothe metsi.*+ 18 Ba apere masela a hoashang*+ ebile ba tšohile haholo. Batho bohle ba tla hlajoa ke lihlong ’me lihlooho tsa bona li tla hlaha lefatla.*+
19 Ba tla lahlela silevera ea bona literateng le khauta ea bona e tla fetoha ntho e nyonyehang ho bona. Silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea ba pholosa letsatsing la bohale ba Jehova.+ Ba ke ke ba khotsofala kapa ba khora hobane lintho* tseo e tla be e le tsona tse etsang hore ba etse sebe. 20 Ba ne ba ikhohomosa ka lintho tse ntle tseo ba ikhabisang ka tsona ebile ba etsa litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang ka tsona.*+ Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore e be lintho tse nyonyehang ho bona. 21 Ke tla li* fa batho ba khopo le balichaba hore ba li nke ’me ba tla li silafatsa.
22 Ke tla ba lahla+ ’me ba tla silafatsa sebaka* sa ka se patehileng ebile masholu a tla kena ho sona a se silafatse.+
23 Etsa liketane*+ hobane naha e tletse likahlolo tsa lipolao+ le motseng ho tletse lintoa.+ 24 Ke tla tlisa batho ba khopo ka ho fetisisa lichabeng+ ’me ba tla nka matlo a bona.+ Ke tla etsa hore batho ba matla ba se ke ba hlola ba ikhohomosa ebile libaka tsa bona tse halalelang li tla silafatsoa.+ 25 Ha ba le mathateng, ba tla batla khotso empa e tla be e le sieo.+ 26 Ho tla tla tlokotsi ka mor’a tlokotsi le litaba tse bohloko ka mor’a litaba tse bohloko. Batho ba tla batla pono ho moprofeta+ empa molao* o rutoang ke baprista o ke ke oa ba le thuso. Le keletso e fanoang ke baholo e ke ke ea ba le thuso.+ 27 Morena o tla utloa bohloko+ le khosana e tšoenyehe haholo. Matsoho a batho a tla thothomela ke ho tšoha. Ke tla sebetsana le bona ho ea ka liketso tsa bona ke be ke ba ahlole ho ea kamoo ba ahlotseng batho ba bang kateng. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+