Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 39
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Ezekiele

      • Gogo le masole a hae baa felisoa (1-10)

      • Sebaka sa lepato sa Khohlo ea Hamone-Gogo (11-20)

      • Baiseraele ba tla khutlisetsoa naheng ea bona (21-29)

        • Molimo o fa Baiseraele moea oa hae o halalelang (29)

Ezekiele 39:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 38:2
  • +Eze 27:13; 32:26

Ezekiele 39:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 38:4, 15

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Boprofeta ba Daniele, leq. 283

Ezekiele 39:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 38:21
  • +Tše 19:17, 18

Ezekiele 39:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 25:33

Ezekiele 39:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 38:22

Ezekiele 39:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 38:16
  • +Esa 6:3

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    9/1/2012, leq. 21

Ezekiele 39:9

Linaletsana

  • *

    Hangata li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 46:9

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1989),

    8/15/1989, leq. 14

Ezekiele 39:11

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Khohlo ea sechaba sa Gogo.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 38:2
  • +Eze 39:15

Ezekiele 39:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 21:22, 23

Ezekiele 39:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 38:16

Ezekiele 39:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 39:11

Ezekiele 39:16

Linaletsana

  • *

    E bolelang “Sechaba.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 39:12

Ezekiele 39:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 34:6-8; Jer 46:10; Sof 1:7
  • +Tše 19:17, 18

Ezekiele 39:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 38:4-6; Hag 2:22; Tše 19:17, 18

Ezekiele 39:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 7:4; 14:4; Esa 37:20; Eze 38:16; Mal 1:11

Ezekiele 39:23

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ka ba patela sefahleho sa ka.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 7:21, 22
  • +De 31:18; Esa 59:2
  • +Le 26:24, 25; De 32:30; Ps 106:40, 41

Ezekiele 39:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 30:3; Eze 34:13
  • +Hos 1:11; Zak 1:16
  • +Eze 36:21

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    “Lengolo Lohle,” leq. 137

Ezekiele 39:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Dan 9:16
  • +Le 26:5, 6

Ezekiele 39:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 30:10; Amo 9:14; Sof 3:20
  • +Esa 5:16; Eze 36:23

Ezekiele 39:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 30:4

Ezekiele 39:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 45:17; 54:8; Jer 29:14
  • +Esa 32:14, 15; Joe 2:28

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Ezek. 39:1Eze 38:2
Ezek. 39:1Eze 27:13; 32:26
Ezek. 39:2Eze 38:4, 15
Ezek. 39:4Eze 38:21
Ezek. 39:4Tše 19:17, 18
Ezek. 39:5Jer 25:33
Ezek. 39:6Eze 38:22
Ezek. 39:7Eze 38:16
Ezek. 39:7Esa 6:3
Ezek. 39:9Ps 46:9
Ezek. 39:11Eze 38:2
Ezek. 39:11Eze 39:15
Ezek. 39:12De 21:22, 23
Ezek. 39:13Eze 38:16
Ezek. 39:15Eze 39:11
Ezek. 39:16Eze 39:12
Ezek. 39:17Esa 34:6-8; Jer 46:10; Sof 1:7
Ezek. 39:17Tše 19:17, 18
Ezek. 39:20Eze 38:4-6; Hag 2:22; Tše 19:17, 18
Ezek. 39:21Ex 7:4; 14:4; Esa 37:20; Eze 38:16; Mal 1:11
Ezek. 39:232Kr 7:21, 22
Ezek. 39:23De 31:18; Esa 59:2
Ezek. 39:23Le 26:24, 25; De 32:30; Ps 106:40, 41
Ezek. 39:25Jer 30:3; Eze 34:13
Ezek. 39:25Hos 1:11; Zak 1:16
Ezek. 39:25Eze 36:21
Ezek. 39:26Dan 9:16
Ezek. 39:26Le 26:5, 6
Ezek. 39:27Jer 30:10; Amo 9:14; Sof 3:20
Ezek. 39:27Esa 5:16; Eze 36:23
Ezek. 39:28De 30:4
Ezek. 39:29Esa 45:17; 54:8; Jer 29:14
Ezek. 39:29Esa 32:14, 15; Joe 2:28
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Ezekiele 39:1-29

Ezekiele

39 Mor’a motho, profeta ’me u bolelle Gogo+ hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla u loantša uena Gogo, khosana e ka sehloohong ea Mesheke le Tubale.+ 2 Ke tla u khutlisa, ke u tlose libakeng tse hole tsa leboea+ ’me ke u ise lithabeng tsa Iseraele. 3 Ke tla otla seqha se ka letsohong la hao le letšehali, ke etse hore metsu e ka letsohong la hao le letona e oele fatše. 4 Uena le masole ’ohle a hao le tla bolaoa lithabeng tsa Iseraele+ hammoho le sechaba sohle sa hao se tla beng se e-na le uena. Ke tla fana ka lona hore le be lijo tsa linonyana tsa mefuta eohle tse jang nama le libata tsa naha.’+

5 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘U tla bolaeloa naheng e se nang letho+ hobane ke ’na ea buileng.’

6 Ke tla romela mollo ho Magogo le ho bohle ba lulang ba sireletsehile lihlekehlekeng.+ Ba tla tseba hore ke ’na Jehova. 7 Ke tla etsa hore sechaba sa ka sa Iseraele se tsebe lebitso la ka le halalelang. Ha ke sa tla lumella hore lebitso la ka le halalelang le silafatsoe. Lichaba li tla tseba hore ke ’na Jehova+ Molimo ea Halalelang Iseraele.+

8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Letsatsi leo ke buileng ka lona lea tla le lintho tse profetiloeng li tla phethahala. 9 Baahi ba metse ea Iseraele ba tla tsoa ’me ba bokelle libetsa e le hore ba bese mollo ka tsona. Ba tla bokella lithebe tse kholo le tse nyenyane,* liqha, metsu, likoto le marumo. Ba tla besa mollo ka tsona+ ka lilemo tse supileng. 10 Ba ke ke ba hloka ho roalla patsi naheng kapa merung hobane ba tla besa mollo ka libetsa tsa bona.

Ba tla nka thepa ea batho ba ileng ba nka thepa ea bona ba be ba hape le lintho tsa batho ba ileng ba hapa tsa bona,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.

11 ‘Letsatsing leo, ke tla fa Gogo+ sebaka sa lepato Iseraele, khohlong eo batho ba fetang ho eona ha ba ea ka bochabela ho leoatle ’me se tla koala tsela hore batho ba se ke ba feta. Ke hona moo Gogo le sechaba sohle sa hae ba tla pateloa teng. Sebaka seo se tla bitsoa Khohlo ea Hamone-Gogo.*+ 12 Baiseraele ba tla nka likhoeli tse supileng ba ntse ba ba pata e le hore ba hloekise naha.+ 13 Batho bohle ba naha ba tla thusa ka mosebetsi oa ho ba pata ’me ba tla tuma letsatsing leo ka lona ke ikhalaletsang,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.

14 ‘Banna ba tla fuoa mosebetsi oa ho hloekisa naha ka hore ba e potolohe ba pate litopo tse setseng lefatšeng. Ba tla nka likhoeli tse supileng ba ntse ba batlana le tsona. 15 Ha batho ba fetang naheng ba bona lesapo la motho, ba tla beha letšoao pel’a lona ebe batho ba fuoeng mosebetsi oa ho pata litopo ba le pata Khohlong ea Hamone-Gogo.+ 16 Ho tla ba le motse moo o bitsoang Hamona.* Ba tla hloekisa naha.’+

17 Mor’a motho, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘E-re ho mefuta eohle ea linonyana le ho libata tsohle tsa naha, “Tloong kaofela ha lona. Bokanang ’me le potolohe sehlabelo se seholo seo ke le etsetsang sona lithabeng tsa Iseraele.+ Le tla ja nama le be le noe mali.+ 18 Le tla ja nama ea batho ba matla le be le noe mali a likhosana tsa lefatše e leng liphoofolo tsohle tse nonneng tsa Bashane, liramo, likonyana, lipoli le lipoho. 19 Le tla ja mafura a mangata, le noe mali ho fihlela le tahiloe ke sehlabelo seo ke le etselitseng sona.”

20 Tafoleng ea ka le tla ja nama ea lipere, ea bapalami ba likariki tsa ntoa, ea banna ba matla le ea masole a mefuta eohle+ ho fihlela le khotše,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.

21 ‘Ke tla bontša khanya ea ka har’a lichaba. Lichaba tsohle li tla bona kahlolo eo ke faneng ka eona le matla ao ke nang le ’ona ha ke li ahlola.+ 22 Ho tloha letsatsing leo, Baiseraele ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona. 23 Lichaba li tla tseba hore Baiseraele ba ile botlamuoeng ka lebaka la liphoso tsa bona le ho se ntšepahalle.+ Kahoo, ke ile ka ba lahla*+ eaba ke nehelana ka bona ho lira tsa bona+ ’me kaofela ha bona ba ile ba bolaoa ka sabole. 24 Ke ile ka ba ahlola ho ea ka liphoso tsa bona le ho se hloeke ha bona, ka ba ka ba lahla.’

25 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla khutlisa batho ba Jakobo ba neng ba isitsoe botlamuoeng,+ ke ba khutlisetse naheng ea bona ’me ke hauhele Baiseraele bohle.+ Ke tla etsa kahohle ho loanela lebitso la ka le halalelang.+ 26 Ka mor’a hore ba tlotlolloe ka lebaka la ho se ntšepahalle,+ ba tla lula ba sireletsehile naheng ea bona ho se na motho ea ba tšosang.+ 27 Ha ke ba ntša lichabeng ebile ke ba lata linaheng tsa lira tsa bona,+ ke tla ikhalaletsa har’a bona lichaba tse ngata li ntse li shebile.+

28 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona ha ke ba isa botlamuoeng har’a lichaba ebile ke ba lata, ke ba khutlisetsa naheng ea bona. Nke ke ka siea le ea mong oa bona.+ 29 Nke ke ka hlola ke ba lahla.+ Ke tla fa Baiseraele moea oa ka o halalelang,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela