Buka ea Bobeli ea Likronike
7 Ha Solomone a qeta ho rapela,+ mollo oa theoha leholimong+ oa chesa nyehelo ea secheso le mahlabelo eaba khanya ea Jehova e tlala ntlo.+ 2 Baprista ba ne ba sa khone ho kena ka tlung ea Jehova hobane khanya ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Jehova.+ 3 Sechaba sohle sa Iseraele se ne se shebeletse ha mollo o theoha ’me khanya ea Jehova e hlaha holim’a ntlo eaba se khumama sebakeng se katiloeng ka majoe ’me se leboha Jehova “hobane o molemo, lerato la hae ha le fele le ka mohla.”
4 Morena le Baiseraele bohle ba etsetsa Jehova sehlabelo.+ 5 Morena Solomone a etsa mahlabelo ka likhomo tse 22 000 le linku tse 120 000. Morena le Baiseraele bohle ba khakola ntlo ea Molimo oa ’nete.+ 6 Baprista ba ne ba eme moo ba sebetsang teng le Balevi ba eme ka liletsa tsa ho binela Jehova.+ (Morena Davida o ne a entse liletsa tsena bakeng sa ho leboha Jehova le ho mo rorisa ka tsona “kaha lerato la hae ha le fele le ka mohla.”) Baprista ba ne ba letsetsa literompeta+ holimo ka pel’a bona, ha Baiseraele bohle ba ntse ba eme.
7 Solomone a halaletsa karolo e bohareng ea lebala le ka pel’a ntlo ea Jehova. Ke hona moo a neng a tla etsetsa linyehelo tsa secheso+ le likarolo tse mafura tsa mahlabelo a kopanetsoeng hobane aletare ea koporo+ eo Solomone a neng a e entse e ne e sa khone ho lekana mahlabelo a secheso, linyehelo tsa lijo+ le likarolo tse mafura.+ 8 Solomone a etsa mokete ka matsatsi a supileng+ le Baiseraele bohle ba neng ba bokane ba tsoa Lebo-hamathe ho ea fihla Khohlong ea Egepeta.+ 9 Ka letsatsi la borobeli, ba tšoara kopano e hlomphehang+ hobane ba ile ba etsa mokete oa ho khakola aletare ka matsatsi a supileng ’me ba boela ba keteka ka matsatsi a mang a supileng. 10 Ka letsatsi la bo23 la khoeli ea bosupa, a re sechaba se khutlele malapeng a sona se thabile+ ka lebaka la lintho tse ntle tseo Jehova a neng a li etselitse Davida le Solomone le sechaba sa hae sa Iseraele.+
11 Solomone a qeta ho haha ntlo ea Jehova le ntlo ea morena.+ A etsa lintho tsohle tseo a neng a batla ho li etsa mabapi le ntlo ea Jehova le ntlo ea hae.+ 12 Jehova a hlaha ho Solomone+ bosiu ’me a re ho eena: “Ke utloile thapelo ea hao ’me ke ikhethetse sebaka sena e le ntlo eo ho tla etsetsoa mahlabelo ho eona.+ 13 Ha ke koala maholimo hore pula e se ke ea na ’me ke laela litsie hore li je naha le ha ke romela boloetse bo bolaeang har’a batho ba ka, 14 haeba batho ba bitsoang ka lebitso la ka+ ba ikokobetsa,+ ba rapela, ba mpatla ’me ba tlohela litsela tsa bona tse mpe,+ ke tla ba utloa ke le leholimong, ke tšoarele sebe sa bona ’me ke nchafatse naha ea bona.+ 15 Ke tla mamela thapelo e etsoang sebakeng sena.+ 16 Ke khethile ntlo ena ebile ke e halalelitse e le hore ke behe lebitso la ka moo ka ho sa feleng+ ’me mahlo a ka le pelo ea ka li tla lula li le moo.+
17 Haeba u lula u ntšepahalla joaloka ntate oa hao Davida ’me u etsa lintho tsohle tseo ke u laetseng tsona le ho mamela melao ea ka,+ 18 ke tla tiisa terone ea borena ba hao+ feela joalokaha ke entse selekane le ntate oa hao Davida+ ka re: ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao ea busang Iseraele.’+ 19 Empa haeba le ntlohela ’me le sa mamele melao le litaelo tsa ka tseo ke le fileng tsona ’me le sebeletsa melimo e meng ebile le e rapela,+ 20 ke tla felisa Baiseraele naheng eo ke ba fileng eona.+ Ntlo ena eo ke e halalelitseng bakeng sa lebitso la ka ke tla e tlosa ka pel’a ka ’me ke tla etsa hore e makalloe e be e tšehoe ke batho bohle.+ 21 Ntlo ena e tla senyeha. Motho e mong le e mong ea fetang o tla e makalla+ a re: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+ 22 Ba tla re: ‘Ke hobane ba lahlile Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba bona ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta+ eaba ba sebeletsa melimo e meng le ho e rapela.+ Ke ka lebaka leo a ba tliselitseng tlokotsi ena.’”+