Buka ea Pele ea Samuele
7 Batho ba Kiriathe-jearime ba tla ’me ba nka Areka ea Jehova ba e isa ka tlung ea Abinadabe+ e leralleng ’me ba halaletsa mora oa hae Eleazare, ba mo khetha hore a lebele Areka ea Jehova.
2 Ho ile ha feta nako e telele, lilemo tse 20 kaofela ho tloha letsatsing leo Areka e neng e fihla Kiriathe-jearime ka lona. Eaba batho bohle ba Iseraele ba qala ho kopa thuso* ho Jehova.+ 3 Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Haeba le khutlela ho Jehova ka lipelo tsohle tsa lona,+ lahlang melimo e meng eohle har’a lona+ le litšoantšo tsa Ashtorethe+ ’me le sebeletse Jehova feela ka lipelo tsa lona tsohle.+ O tla le lopolla matsohong a Bafilista.”+ 4 Kahoo, Baiseraele ba lahla melimo ea Baale le litšoantšo tsa Ashtorethe ’me ba sebeletsa Jehova feela.+
5 Eaba Samuele o re: “Bokellang Baiseraele bohle Mizpa+ ’me ke tla le rapella ho Jehova.”+ 6 Kahoo, ba bokana Mizpa ’me ba kha metsi, ba a qhalla ka pel’a Jehova eaba ba itima lijo letsatsing leo.+ Ba re: “Re sitetsoe Jehova.”+ Samuele a qala ho ba moahloli+ oa Baiseraele Mizpa.
7 Ha Bafilista ba utloa hore Baiseraele ba bokane hammoho Mizpa, marena a Bafilista+ a nyoloha ho ea hlasela Baiseraele. Ha Baiseraele ba utloa seo, ba tšoha. 8 Kahoo, Baiseraele ba re ho Samuele: “U se ke oa khaotsa ho kopa Jehova Molimo oa rona hore a re thuse+ le hore a re pholose matsohong a Bafilista.” 9 Joale Samuele a nka konyana e anyang ’me a e nyehela e le nyehelo ea secheso+ ho Jehova. A kopa Jehova hore a thuse Baiseraele ’me Jehova a mo araba.+ 10 Ha Samuele a ntse a nyehela nyehelo ea secheso, Bafilista ba atamela hore ba loantše Baiseraele. Joale Jehova a etsa hore ho be le sealuma se lerata+ letsatsing leo ’me a etsa hore Bafilista ba ferekane+ eaba Baiseraele baa ba hlola.+ 11 Banna ba Baiseraele ba tloha Mizpa ’me ba lelekisa Bafilista, ba ba bolaea ho ea fihla ka boroa ho Bethe-kare. 12 Samuele a nka lejoe,+ a le beha pakeng tsa Mizpa le Jeshana ’me a le reha Ebenezere* kaha o ile a re: “Jehova o re thusitse ho fihlela hona joale.”+ 13 Kahoo, Bafilista ba ile ba hloloa ’me ha baa ka ba hlola ba tla naheng ea Iseraele.+ Ha Samuele a ntse a phela, Jehova ha aa ka a lumella Bafilista hore ba hlasele Baiseraele.+ 14 Hape metse eo Bafilista ba neng ba e nkile ho Baiseraele le libaka tsa eona tsa khutlela ho Baiseraele, ho tloha Ekrone ho ea Gathe.
Ho ne ho boetse ho e-na le khotso pakeng tsa Baiseraele le Baamore.+
15 Samuele ea ’na ea e-ba moahloli oa Iseraele bophelo bohle ba hae.+ 16 O ne a tsamaea selemo le selemo a potoloha Bethele,+ Gilgale+ le Mizpa+ ’me a ahlola Baiseraele libakeng tsena tsohle. 17 Empa o ne a khutlela Rama+ hobane ke moo ntlo ea hae e neng e le hona teng ’me le moo o ne a ahlola Baiseraele. O ile a hahela Jehova aletare moo.+