Baahloli
15 Ka mor’a nako, nakong ea ha ho kotuloa koro, Samsone a chakela mosali oa hae a nkile potsanyane. A re: “Ekare nka ea ho mosali oa ka ka kamoreng ea ho robala.”* Empa ntate oa mosali oa hae ha aa ka a mo lumella. 2 Ntate oa mosali oa hae a re: “Ke ile ka ipolella hore, ‘E tlameha ebe u mo hloile.’+ Kahoo, ke ile ka mo fa e mong oa bahlankana bao e neng e le baetsana ba hao.+ Na ngoan’abo ha a motle ho mo feta? Ke kopa u nke eena.” 3 Leha ho le joalo, Samsone a re ho eena: “Lekhetlong lena Bafilista ba ke ke ba mpeha molato ka ho ba lematsa.”
4 Kahoo, Samsone a tsamaea ’me a tšoasa liphokojoe tse 300. A nka mabone,* a nka le liphokojoe ka bobeli a faseletsa mohatla oa e ’ngoe mohatleng oa e ’ngoe ’me a kenya lebone pakeng tsa mehatla eo. 5 Eaba o hotetsa mabone ’me o romela liphokojoe masimong a Bafilista a sa kotuloang. A chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha lijong tse bokeletsoeng ho ea lijong tse sa kotuloang hammoho le lirapa tsa morara le meru ea mohloaare.
6 Bafilista ba botsa ba re: “Ke mang ea entseng tjee?” Eaba ho thoe ho bona: “Ke Samsone mokhoenyana oa monna oa Motimna hobane o ile a fana ka morali oa hae e leng mosali oa Samsone ho moetsana oa Samsone.”+ Kahoo, Bafilista ba ea ho ea chesa mosali oa Samsone le ntate oa hae.+ 7 Eaba Samsone o re ho bona: “Haeba ena ke tsela eo le etsang lintho ka eona, nke ke ka le tlohela ho fihlela ke iphetelitse.”+ 8 Eaba o bolaea batho ba bangata. Ka mor’a moo, a theohela lehaheng le lefikeng la Etame a lula teng.
9 Hamorao Bafilista ba tla ’me ba hloma litente Juda ’me ba ’na ba potoloha motse oa Lehi.+ 10 Eaba banna ba Juda ba re: “Ke hobane’ng ha le re hlasela?” Bafilista ba araba ba re: “Re tl’o tšoara* Samsone, ho mo etsa feela joalokaha a re entse.” 11 Kahoo, banna ba 3 000 ba Juda ba ea lehaheng le lefikeng la Etame ’me ba re ho Samsone: “Na ha u tsebe hore Bafilista baa re busa?+ Joale ke hobane’ng ha u re entse tjee?” Eaba o re bo bona: “Ke ba entse feela joalokaha ba nkentse.” 12 Empa ba re ho eena: “Re tlile mona ho tla u tšoara* le ho fana ka uena ho Bafilista.” Eaba Samsone o re ho bona: “Ntšepiseng hore le ke ke la ’ntša kotsi.” 13 Eaba ba re ho eena: “Re ke ke ra u bolaea, re tla u tlama feela ’me re fane ka uena ho Bafilista.”
Kahoo, ba mo tlama ka liropo tse peli tse ncha ’me ba nyoloha le eena ho tloha lefikeng. 14 Ha a fihla Lehi, Bafilista ba hoeletsa ka thabo ha ba mo bona. Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ Liropo tseo ba mo tlammeng matsoho ka tsona tsa ba joaloka likhoele tsa line tse chesitsoeng eaba lia fasoloha.+ 15 A fumana lesapo la mohlahare oa tonki e tona e sa tsoa shoa, a le nka ’me a bolaea banna ba 1 000 ka lona.+ 16 Joale Samsone a re:
“Ke bolaile lira ka lesapo la mohlahare oa tonki ’me ka li bokella ka etsa li qubu.
Ke bolaile banna ba 1 000 ka lesapo la mohlahare oa tonki.”+
17 Ha a qetile ho bua, a lahla lesapo leo la mohlahare ’me a bitsa sebaka seo Ramathe-lehi.*+ 18 Joale a nyoroa haholo, eaba o re ho Jehova: “Ke uena ea thusitseng mohlanka oa hao hore a hlole. Empa na u tla ntumella hore ke shoe ke lenyora ’me ke oele matsohong a banna ba sa bollang?” 19 Joale Molimo a bula mokoti o neng o le Lehi ’me metsi a tsoa ho oona.+ Ha a noa metsi, a boela a ba le matla. Ke ka lebaka leo a ileng a bitsa sebaka seo Ene-hakore* ’me se ntse se le Lehi le kajeno.
20 E ile ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse 20 nakong ea ha ho ne ho busa Bafilista.+