Jeremia
36 Selemong sa bone sa puso ea Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, Jehova a re ho Jeremia: 2 “Nka moqolo ’me ho oona u ngole mantsoe ’ohle ao ke u boleletseng ’ona ka Iseraele, Juda+ le lichaba tsohle,+ ho tloha mehleng ea Josiase ha ke qala ho bua le uena ho fihlela kajeno.+ 3 Mohlomong ha ba ntlo ea Juda ba utloa ka tlokotsi eo ke nahanang ho ba tlisetsa eona, ba tla tlohela mekhoa ea bona e fosahetseng e le hore ke ba tšoarele liphoso tsa bona le libe tsa bona.”+
4 Eaba Jeremia o bitsa Baruke+ mora oa Neria. A mo bolella litaba tsohle tseo Jehova a neng a mo boleletse tsona. Baruke a li ngola moqolong.+ 5 Joale Jeremia a re ho Baruke: “Ha kea lumelloa ho kena ka tlung ea Jehova. 6 Ke uena ea tla tlameha ho ea ’me u balle holimo litaba tsa Jehova tse ka moqolong oo u o ngotseng ha ke ntse ke u bolella tsona. Ka letsatsi la ho itima lijo, u o balle sechaba ka tlung ea Jehova. U tla o balla batho bohle ba Juda ba tsoang metseng ea habo bona. 7 Mohlomong ba tla khutla mekhoeng ea bona e fosahetseng ebe ba kopa Jehova hore a ba hauhele kaha Jehova o itse o halefetse sechaba sena haholo.”
8 Baruke mora oa Neria a etsa sohle seo moprofeta Jeremia a neng a mo laetse sona. A balla moqolo* oa litaba tsa Jehova holimo, a o balla ka tlung ea Jehova.+
9 Ka selemo sa bohlano sa puso ea Jojakime+ mora oa Josiase morena oa Juda, ka khoeli ea borobong, sechaba sohle se Jerusalema le sechaba sohle se neng se tlile Jerusalema se tsoa metseng ea Juda sa itima lijo hore Jehova a se hauhele.+ 10 Eaba Baruke o balla sechaba sohle moqolo* oa Jeremia ka tlung ea Jehova, ka kamoreng ea ho jela ea Gemaria+ mora oa mokopitsi* Shafane,+ e lebaleng le ka holimo, pel’a keiti e ncha ea ntlo ea Jehova.+
11 Ha mora oa Gemaria e leng Mikaia setloholo sa Shafane a utloa litaba tsohle tsa Jehova tse tsoang moqolong,* 12 a theohela ka tlung ea morena,* ka ofising ea mongoli. Liofisiri tsohle* tse kholo li ne li lutse moo: Mongoli Elishama,+ Delaia mora oa Shemaia, Elnathane+ mora oa Akbore,+ Gemaria mora oa Shafane, Tsedekia mora oa Hanania le liofisiri tse ling kaofela. 13 Mikaia a ba bolella litaba tsohle tseo a neng a li utloile ha Baruke a balla sechaba moqolo.*
14 Joale liofisiri tsohle tsa roma mora oa Nethania e leng Jehudi setloholo sa Shelemia ebile e le setloholoana sa Kushi, tsa mo roma ho Baruke tsa re a re: “Tloo le moqolo oo u ileng oa u balla sechaba.” Baruke mora oa Neria a nka moqolo ’me a ea ho bona. 15 Ba re ho eena: “Re kopa u lule fatše ’me u re balle oona, u o balle holimo.” Kahoo, Baruke a ba balla oona.
16 Eare hang ha ba utloa litaba tseo, ba shebana ba tšohile eaba ba re ho Baruke: “Kannete re lokela ho bolella morena litaba tsena tsohle.” 17 Ba re ho Baruke: “Re kopa u re bolelle hore na u ngotse litaba tsena tsohle joang. Na Jeremia o ne a ntse a u bolella tsona?” 18 Baruke a re ho bona: “O ile a mpolella litaba tsena tsohle eaba ’na ke li ngola moqolong* ona ka enke.” 19 Liofisiri tsa re ho Baruke: “Tsamaea u e’o ipata, uena le Jeremia e le hore ho se ke ha e-ba le mang kapa mang ea tla tseba hore na le hokae.”+
20 Joale ba ea lebaleng moo morena a neng a le hona teng ’me ba beha moqolo ka ofising ea mongoli Elishama eaba ba bolella morena lintho tsohle tseo ba li utloileng.
21 Kahoo, morena a roma Jehudi+ hore a e’o nka moqolo eaba o tla le oona ho tsoa ofising ea mongoli Elishama. Jehudi a o balla morena le liofisiri tse emeng pel’a morena. 22 Morena o ne a lutse ka tlung eo a neng a lula ho eona mariha. E ne e le khoeli ea borobong* ’me mollo o ne o ntse o tuka leifong le ka pel’a hae. 23 Ka mor’a hore Jehudi a bale likarolo tse tharo kapa tse ’nè tsa moqolo, morena o ne a tabola likarolo tseo ka thipa ea mongoli ebe o li lahlela mollong o neng o tuka leifong, ho fihlela moqolo kaofela o fella mollong. 24 Morena le bahlanka bohle ba hae ba neng ba mametse litaba tsena tsohle ha baa ka ba tšoha ebile ha baa ka ba tabola liaparo tsa bona. 25 Le hoja Elnathane,+ Delaia+ le Gemaria+ ba ile ba kopa morena ka thata hore a se ke a chesa moqolo oo, ha aa ka a ba mamela. 26 Hape, morena a laela Jeramiele mora oa morena,* Seraia mora oa Azriele le Shelemia mora oa Abdiele hore ba tšoare mongoli Baruke le moprofeta Jeremia. Empa Jehova a etsa hore ba se ke ba ba fumana.+
27 Ka mor’a hore morena a chese moqolo o nang le mantsoe ao Baruke a neng a a ngotse ha a ntse a a bolelloa ke Jeremia,+ Jehova a boela a re ho Jeremia: 28 “Nka moqolo o mong, ho oona u ngole litaba tsohle tse tšoanang le tsa moqolo oa pele, oo Morena Jojakime oa Juda a o chesitseng.+ 29 U phatlalatse molaetsa ona ka Morena Jojakime oa Juda: ‘Jehova o re: “U chesitse moqolo ona eaba u re: ‘Ke hobane’ng ha u ngotse ho oona hore ruri morena oa Babilona o tla tla ’me a felise naha ee, a etse hore e se ke ea e-ba le motho le phoofolo?’+ 30 Ka hona, Jehova o re ka Morena Jojakime oa Juda: ‘Ha ho le ea mong oa litloholo tsa hae ea tla sala hore a lule* teroneng ea Davida+ ’me setopo sa hae se tla chesoa ke letsatsi motšehare, se lale serame bosiu.+ 31 Ke tla otla eena, bana* ba hae le bahlanka ba hae bakeng sa liphoso tsa bona. Ke tla tlisetsa bona, baahi ba Jerusalema le batho ba Juda tlokotsi eo ke itseng ke tla ba tlisetsa eona+ hobane ha baa ka ba ’mamela.’”’”+
32 Kahoo, Jeremia a nka moqolo o mong, a o fa Baruke mora oa Neria, mongoli.+ Jeremia a bolella Baruke mantsoe ’ohle a moqolo* oo Morena Jojakime oa Juda a neng a o chesitse mollong+ eaba Baruke oa a ngola. Ho ile ha eketsoa mantsoe a mang a mangata a tšoanang le ao.