Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liproverbia 26
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Liproverbia

    • MAELE A SOLOMONE A ILENG A KOPITSOA KE BAHLANKA BA MORENA EZEKIASE (25:1–29:27)

Liproverbia 26:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 30:21, 22; Moe 10:7

Liproverbia 26:2

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “Feela joalokaha nonyana e baleha le lefokotsane le fofa, bomalimabe bo sa lokelang bo feta joalo.”

Liproverbia 26:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 32:9
  • +Pr 27:22

Liproverbia 26:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Mat 21:23-25

Liproverbia 26:6

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1987),

    5/15/1987, leq. 30

Liproverbia 26:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 17:7

Liproverbia 26:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 19:10; 26:1

Liproverbia 26:10

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ea hlabang motho e mong le e mong.”

Liproverbia 26:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Pe 2:22

Liproverbia 26:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 12:15; 1Ko 3:18; 8:2

Liproverbia 26:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 22:13

Liproverbia 26:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 6:9; 19:15; 24:33, 34

Liproverbia 26:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 19:24

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    4/15/1997, leq. 30

Liproverbia 26:17

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “ea kenang.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Th 4:11; 1Pe 4:15

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Mosuoe, maq. 105-106

Liproverbia 26:19

Linaletsana

  • *

    Kapa: “thetsang.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 15:21

Liproverbia 26:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 22:10; Jak 3:6

Liproverbia 26:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 3:30; 16:28; 17:14

Liproverbia 26:22

Linaletsana

  • *

    Kapa: “lintho tse tla jeoa ka meharo.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 18:8

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1989),

    10/15/1989, leq. 13

Liproverbia 26:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 20:9, 10

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    7/15/2003, leq. 28

Liproverbia 26:25

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Hobane pelo ea hae ea nyonyeha.”

Liproverbia 26:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Est 7:10; Ps 9:15; Pr 28:10; Moe 10:8

Liproverbia 26:28

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Leleme le leshano le hloile bao le ba utloisitseng bohloko.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 29:5

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Liprov. 26:1Pr 30:21, 22; Moe 10:7
Liprov. 26:3Ps 32:9
Liprov. 26:3Pr 27:22
Liprov. 26:5Mat 21:23-25
Liprov. 26:7Pr 17:7
Liprov. 26:8Pr 19:10; 26:1
Liprov. 26:112Pe 2:22
Liprov. 26:12Pr 12:15; 1Ko 3:18; 8:2
Liprov. 26:13Pr 22:13
Liprov. 26:14Pr 6:9; 19:15; 24:33, 34
Liprov. 26:15Pr 19:24
Liprov. 26:171Th 4:11; 1Pe 4:15
Liprov. 26:19Pr 15:21
Liprov. 26:20Pr 22:10; Jak 3:6
Liprov. 26:21Pr 3:30; 16:28; 17:14
Liprov. 26:22Pr 18:8
Liprov. 26:232Sa 20:9, 10
Liprov. 26:27Est 7:10; Ps 9:15; Pr 28:10; Moe 10:8
Liprov. 26:28Pr 29:5
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Liproverbia 26:1-28

Liproverbia

26 Joalokaha ho sa lebelloa hore lehloa le khethehe hlabula, le hore pula e ne nakong ea kotulo,

Motho ea se nang kelello+ ha a tšoaneloe ke tlhompho.

 2 Feela joalokaha nonyana e e-na le lebaka la ho baleha le lefokotsane le e-na le lebaka la ho fofa,

Motho ha a bitsetsoe bomalimabe ntle ho lebaka.*

 3 Sephali se shapa pere, tonki e huloa ka tomo,+

Thupa eona e shapa mekokotlo ea batho ba se nang kelello.+

 4 U se ke oa araba motho ea se nang kelello ho ea ka bothoto ba hae

E le hore u se ke oa tšoana le eena.

 5 Empa ha u araba motho ea se nang kelello, totobatsa bothoto ba hae

E le hore a se ke a nahana hore o bohlale.+

 6 Ea sieang litaba matsohong a motho ea se nang kelello

O tšoana le motho ea pomang maoto a hae ’me a itematsa.

 7 Maele melomong ea batho ba se nang kelello+

A tšoana le maoto a holofetseng.

 8 Ho rorisa motho ea se nang kelello+

Ho tšoana le ho faseletsa lejoe letjeketjaneng.

 9 Maele melomong ea batho ba se nang kelello

A tšoana le setlama-tlama se meutloa letsohong la letahoa.

10 Ea hirang motho ea se nang kelello kapa batho ba fetang ka tsela

O tšoana le motho ea sebelisang seqha, ea hlabang feela.*

11 Joalokaha ntja e khutlela mahlatseng a eona,

Ea se nang kelello le eena o pheta booatla ba hae.+

12 Na u kile oa bona motho ea nahanang hore o bohlale?+

Motho ea se nang kelello a ka fetoha ho e-na le eena.

13 Ea botsoa o re: “Ho na le taoana tseleng,

Ho na le tau seterateng.”+

14 Joalokaha lemati le ea pele le morao ha le ntse le buleha le koaleha,

Ea botsoa o ntse a fetoha holim’a bethe ea hae.+

15 Ea botsoa o kentse letsoho la hae ka sekotlolong se seholo

Empa o tsoafa le ho le isa ka hanong.+

16 Ea botsoa o nahana hore o bohlale

Ho feta batho ba supileng ba fanang ka karabo e nang le kelello.

17 Mofeta-ka-tsela ea halefisoang ke* qabang eo e seng ea hae+

O tšoana le motho ea tšoarang ntja ka litsebe.

18 Joaloka lehlanya le bolaeang, le fereletsang metsu e tukang le litsenene,

19 Motho ea qhekellang* moahisani oa hae ebe o re: “Ke ne ke soasoa,”+ o joalo.

20 Ha patsi e le sieo mollo oa tima,

Ha ho se na moetselletsi khang ea fela.+

21 Joalokaha mashala a etsa hore mollo o hlene le patsi e hotetsa mollo,

Motho ea ratang likhang le eena o fehla liqabang.+

22 Mantsoe a ea ratang ho senya ba bang lebitso a tšoana le lijo tse monate.*

A theohela hamonate ho ea fihla ka mpeng.+

23 Mantsoe a monate a tsoang ho motho ea pelo e mpe+

A joaloka leqhetso la sejana se pshatlehileng sa letsopa se tlotsitsoeng ka silevera.

24 Motho ea lehloeo o ikhakanya ka lipuo

Empa ka pelong o patile bolotsana.

25 U se ke oa mo tšepa leha a ka bua ka bonolo

Hobane ho na le lintho tse supileng tse nyonyehang ka pelong ea hae.*

26 Le hoja a bua leshano ho pata lehloeo la hae,

Bokhopo ba hae bo tla hlahella ho batho.

27 Ea chekang sekoti o tla oela ka har’a sona

’Me ea thetang lejoe le tla khutlela ho eena le mo pilinye.+

28 Motho ea leshano o hloile bao a ba utloisitseng bohloko*

Le motho ea rorisang ho tlola o baka tšenyo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela