Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 14
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Marena

      • Akija o profeta ka se neng se tla etsahalla Jeroboame (1-20)

      • Roboame o busa Juda (21-31)

        • Shishake oa hlasela (25, 26)

1 Marena 14:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:30, 31

1 Marena 14:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 18:1; 1Sa 4:3

1 Marena 14:5

Linaletsana

  • *

    Kapa: “U mo bolelle ntho ena le ntho eane.”

1 Marena 14:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:30, 31; 12:20

1 Marena 14:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:16
  • +1Ma 15:5; Lik 13:22

1 Marena 14:9

Linaletsana

  • *

    Kapa: “liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 27:15; 2Kr 11:15
  • +Ne 9:26; Ps 50:17

1 Marena 14:10

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong.” Ona ke mokhabo-puo oa Seheberu o sebelisoang ho nyatsa banna.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 15:25-29

1 Marena 14:13

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Atamela, leq. 244

    Molula-Qhooa,

    7/1/2010, leq. 29

    7/1/2005, leq. 31

    4/1/1995, leq. 12

1 Marena 14:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 15:25-29

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Boprofeta ba Esaia I, maq. 133-134

1 Marena 14:15

Linaletsana

  • *

    E leng ea Eufrate.

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 8:7-9; 29:28; Jos 23:15; 2Ma 17:6
  • +De 28:64; 2Ma 15:29; 18:11
  • +De 12:3

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Boprofeta ba Esaia I, maq. 133-134

1 Marena 14:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:28-30; 13:33, 34

1 Marena 14:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 12:15; 13:3

1 Marena 14:20

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “o patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 13:20
  • +1Ma 15:25

1 Marena 14:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 78:68; 132:13
  • +Ex 20:24; De 12:5, 6; 1Ma 8:16, 17
  • +1Ma 11:1; 2Kr 12:13

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    12/15/2011, leq. 10

1 Marena 14:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:7; 2Kr 12:1
  • +Esa 65:2

1 Marena 14:23

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 26:1
  • +Esa 65:7
  • +De 12:2, 3; Esa 57:5; Jer 2:20; Hos 4:13

1 Marena 14:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 23:17, 18; 1Ma 15:11, 12; 22:46; 2Ma 23:7; Hos 4:14

1 Marena 14:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:40
  • +2Kr 12:2-4

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    “Lengolo Lohle,” leq. 295

1 Marena 14:26

Linaletsana

  • *

    Kapa: “phaleisi.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 7:51; 15:18; 2Ma 18:14, 15; 24:12, 13
  • +1Ma 10:16, 17; 2Kr 12:9-11

1 Marena 14:27

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “limathi.”

1 Marena 14:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 27:24; 2Kr 12:15

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    3/15/2009, leq. 32

1 Marena 14:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 15:6

1 Marena 14:31

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

  • *

    O ne a boetse a bitsoa Abija.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:43
  • +1Ma 11:1; 2Kr 12:13
  • +1Kr 3:10; Mat 1:7

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Mar. 14:21Ma 11:30, 31
1 Mar. 14:4Jos 18:1; 1Sa 4:3
1 Mar. 14:71Ma 11:30, 31; 12:20
1 Mar. 14:81Ma 12:16
1 Mar. 14:81Ma 15:5; Lik 13:22
1 Mar. 14:9De 27:15; 2Kr 11:15
1 Mar. 14:9Ne 9:26; Ps 50:17
1 Mar. 14:101Ma 15:25-29
1 Mar. 14:141Ma 15:25-29
1 Mar. 14:15De 8:7-9; 29:28; Jos 23:15; 2Ma 17:6
1 Mar. 14:15De 28:64; 2Ma 15:29; 18:11
1 Mar. 14:15De 12:3
1 Mar. 14:161Ma 12:28-30; 13:33, 34
1 Mar. 14:192Kr 12:15; 13:3
1 Mar. 14:202Kr 13:20
1 Mar. 14:201Ma 15:25
1 Mar. 14:21Ps 78:68; 132:13
1 Mar. 14:21Ex 20:24; De 12:5, 6; 1Ma 8:16, 17
1 Mar. 14:211Ma 11:1; 2Kr 12:13
1 Mar. 14:221Ma 11:7; 2Kr 12:1
1 Mar. 14:22Esa 65:2
1 Mar. 14:23Le 26:1
1 Mar. 14:23Esa 65:7
1 Mar. 14:23De 12:2, 3; Esa 57:5; Jer 2:20; Hos 4:13
1 Mar. 14:24De 23:17, 18; 1Ma 15:11, 12; 22:46; 2Ma 23:7; Hos 4:14
1 Mar. 14:251Ma 11:40
1 Mar. 14:252Kr 12:2-4
1 Mar. 14:261Ma 7:51; 15:18; 2Ma 18:14, 15; 24:12, 13
1 Mar. 14:261Ma 10:16, 17; 2Kr 12:9-11
1 Mar. 14:291Kr 27:24; 2Kr 12:15
1 Mar. 14:301Ma 15:6
1 Mar. 14:311Ma 11:43
1 Mar. 14:311Ma 11:1; 2Kr 12:13
1 Mar. 14:311Kr 3:10; Mat 1:7
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Marena 14:1-31

Buka ea Pele ea Marena

14 Abija mora oa Jeroboame a kula. 2 Jeroboame a re ho mosali oa hae: “Ke kopa u ee Shilo ’me u etse eka ha u mosali oa ka e le hore ba se ke ba u tseba. Moprofeta Akija o moo. Ke eena ea ileng a re ke tla ba morena oa sechaba sena.+ 3 Tsamaea u ee ho eena u nkile lilofo tsa bohobe tse leshome, likuku le botlolo ea mahe a linotši. O tla u bolella hore na ho tla etsahala’ng ka moshanyana enoa.”

4 Mosali oa Jeroboame a etsa seo a se buileng. A ea Shilo+ ’me a fihla ntlong ea Akija. Mahlo a Akija a ne a shebile pele feela hobane o ne a sa bone ka lebaka la botsofali.

5 Empa Jehova o ne a itse ho Akija: “Mosali oa Jeroboame oa tla o tl’o kopa thuso ho uena hobane mora oa hae oa kula. Ke tla u bolella hore na u re’ng ho eena.* Ha a fihla o tla be a ikentse eka ke motho e mong.”

6 Hang ha Akija a utloa hore ho na le motho ea tlang monyako a re: “Kena uena mosali oa Jeroboame. Ke hobane’ng ha u ipatile? Ho itsoe ke u fe molaetsa o bohloko. 7 E-ea ho Jeroboame u mo bolelle hore Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke u khethile har’a sechaba sa heno e le hore ke u etse moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+ 8 Ka tlosa ’muso lelapeng la Davida ’me ka u fa oona.+ Empa ha oa ba joaloka mohlanka oa ka Davida, ea ileng a mamela melao ea ka ka pelo eohle ea hae ’me a etsa lintho tse nepahetseng feela mahlong a ka.+ 9 Empa u entse lintho tse mpe ho feta marena ’ohle a busitseng pele ho uena ’me u iketselitse molimo le litšoantšo tsa tšepe* e le hore u nketsetse sebe+ ebile u ntahlile.+ 10 Ka lebaka leo, ke tlisa tlokotsi lelapeng la Jeroboame. Ke tla felisa bohle ba batona* lelapeng la hae, ho akareletsa le ba se nang thuso le ba se nang matla Iseraele. Ke tla fiela lelapa la Jeroboame+ feela joalokaha motho a tlosa bolokoe ho fihlela bo felile. 11 Mang kapa mang oa lelapa la Jeroboame ea shoellang motseng o tla jeoa ke lintja ’me ea shoellang naheng o tla jeoa ke linonyana kaha Jehova o boletse.’

12 Tsamaea u ee ha hao. Ha u fihla motseng, ngoana o tla shoa. 13 Baiseraele bohle ba tla mo llela ’me ba mo pate hobane ke eena feela oa lelapa la Jeroboame ea tla pateloa lebitleng. Ke eena feela oa lelapa la Jeroboame eo Jehova Molimo oa Iseraele a fumaneng ntho e ntle ho eena. 14 Jehova o tla ikhethela morena ea tla busa Iseraele. Morena eo o tla felisa ba lelapa la Jeroboame,+ ho tloha letsatsing leo ho ea pele ’me letsatsi leo le se le fihlile. 15 Jehova o tla otla Iseraele hore e thekesele joaloka lehlaka ka metsing ’me o tla tlosa Baiseraele naheng ena e ntle eo a e fileng baholo-holo ba bona,+ a ba hasanye ka nģ’ane ho Noka*+ hobane ba iketselitse lipalo tse halalelang*+ ’me ba foselitse Jehova. 16 O tla lahla Baiseraele ka lebaka la libe tseo Jeroboame a li entseng le tseo a entseng hore Baiseraele ba li etse.”+

17 Mosali oa Jeroboame a ea Tirza. Ha a fihla monyako oa ntlo, moshanyana a shoa. 18 Ba mo pata ’me Baiseraele bohle ba mo llela, ho ea kamoo Jehova a neng a buile a sebelisa mohlanka oa hae moprofeta Akija.

19 Histori eohle ea Jeroboame, kamoo a ileng a loana+ le ho busa kateng, e ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 20 Jeroboame o ile a busa ka lilemo tse 22 eaba oa shoa.*+ Mora oa hae Nadabe ea e-ba morena.+

21 Roboame mora oa Solomone e ne e le eena morena oa Juda. Roboame o ne a le lilemo li 41 ha e e-ba morena. O busitse Jerusalema ka lilemo tse 17 e leng motse oo Jehova a neng a o khethile+ malokong ’ohle a Iseraele e le sebaka seo a tla beha lebitso la hae ho sona.+ Lebitso la ’mè oa Roboame e ne e le Naama oa Moamone.+ 22 Bajuda ba ne ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova+ ’me libe tseo ba ileng ba li etsa li ile tsa mo halefisa ho feta kamoo baholo-holo ba bona ba ileng ba mo halefisa kateng.+ 23 Le bona ba ile ba ikahela libaka tse phahameng, lipilara tse halalelang le lipalo tse halalelang*+ holim’a maralla ’ohle a phahameng+ le tlas’a lifate tsohle tse ntle tse tala.+ 24 Ho ne ho boetse ho e-na le matekatse a banna naheng.+ Sechaba sohle se ne se etsa lintho tsohle tse mpe tseo lichaba tseo Jehova a ileng a li leleka ka pel’a Baiseraele li neng li li etsa.

25 Ka selemo sa bohlano Morena Roboame a busa, Morena Shishake+ oa Egepeta a hlasela Jerusalema.+ 26 A nka matlotlo a ntlo ea Jehova le a ntlo ea morena.*+ A nka le lintho tsohle, ho akareletsa le lithebe tsa khauta tseo Solomone a neng a li entse.+ 27 Morena Roboame a etsa lithebe tsa koporo sebakeng sa tseo ’me a re li hlokomeloe ke balaoli ba balebeli* ba neng ba lebela monyako oa ntlo ea morena. 28 Neng kapa neng ha morena a tla ntlong ea Jehova, balebeli ba ne ba nka lithebe tseo ’me ba li khutlisetsa kamoreng ea balebeli.

29 Histori eohle ea Roboame le lintho tsohle tseo a li entseng, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda.+ 30 Roboame le Jeroboame ba ne ba lula ba loantšana.+ 31 Roboame a shoa* eaba o pateloa Motseng oa Davida.+ Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Naama oa Moamone.+ Mora oa hae Abijame*+ ea e-ba morena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela